Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 23:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Mme Heroda a mo nyedisa a ena le bahlabani ba hae, a mo soma; mme eitse hobane a mo apese kobo e ntlentle, a mo kgutlisetsa ho Pilato.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Yare hoba Heroda le bahlabani ba hae ba mo nyedise, ba mo some, ba mo apesa seaparo se mahadihadi, mme Heroda a mo kgutlisetsa ho Pilato.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Yaba Heroda le bahlabani ba hae ba mo nyedisa, ba mo soma, ba mo apesa seaparo se setle, mme ba mo kgutlisetsa ho Pilato.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Yaba Heroda le bahlabani ba hae ba mo nyedisa, ba mo soma, ba mo apesa seaparo se setle, mme ba mo kgutlisetsa ho Pilato.

Ver Capítulo Copiar




Luka 23:11
16 Referencias Cruzadas  

Empa nna, ke seboko, ha ke motho; ke mojaradihlong ho batho, le molahluwa wa setjhaba.


Jehova, Molopolli le Mohalaledi wa Iseraele, o rialo ho ya nyatistsweng ke bohle, ho ya hloilweng ke setjhaba, ho mofo wa babusi: Marena a tla mmona, a eme; mahosana a tla kgumama pela hae ka baka la Jehova ya tshepehang, le la Mohalaledi wa Iseraele ya o kgethileng.


O nyatsitswe, a furallwa ke batho; ke motho wa mahloko, ya tsebang mahlomola, ya tshwanang le eo batho ba tshabang ho tadimana le yena; re mo nyatsitse, ha re a ka ra re letho ka yena.


Mehleng eo, Heroda moteterareke a utlwa botumo ba Jesu.


Efela Heroda o ne a ile a tshwara Johanne, a mo tlama, a mo kenya teronkong, ka baka la Herodiase, mosadi wa Filippi moenae.


Empa moketeng wa tsatsi la tswalo ya Heroda, moradi wa Herodiase a etsa tjhao pontsheng eo bohle, a kgahlisa Heroda.


A araba, a re ho bona: Efela Elia o tshwanetse ho tla pele, a lokise tsohle; mme ho ngodilwe jwang bakeng sa Mora motho hore e ka kgona a utlwiswe bohloko bo boholo, mme a nyediswe?


Baprista ba baholo le bangodi ba ema, ba mo qosa ka matla.


Mme Jesu a tswela ntle a le jwalo, a rwetse mofapahlooho wa meutlwa, a apere kobo ya purepera. Pilato a re ho bona: Bonang, motho ke enwa.


Hobane ekare ha monna ya rwetseng lesale la kgauta, ya apereng dikobo tsa bokgabane, a kena phuthehong ya lona, ho kena le mofumanehi ya dikobo di mpe;


ha le ka babatsa ya apereng dikobo tsa bokgabane, la re ho yena: Dula mona botleng, mme la re ho mofumanehi: Wena, ema mane! kapa: Dula mona tlasa bonamelo ba maoto a ka!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos