Yare ha tsatsi le tjhaba, Jehova a hlahisa moya o bohale wa botjhabela, mme letsatsi la bata hlooho ya Jonase, a ba a kgathala, a qela lefu, a re: Ho leng molemo ho nna ke ho shwa, e seng ho phela.
Mattheu 20:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) ba re: Bao ba morao ba sebeditse hora e le nngwe feela, mme o ba lekantse le rona, ba jereng boima ba letsatsi le ho tjhesa ha lona! BIBELE ba re: ‘Bana ba ho qetela ba sebeditse hora e le nngwe feela, empa o ba lekantse le rona ba ileng ba sebetsa ka thata letsatsi lohle hara motjheso.’ Baasraak Sotho NT ba re: Bana ba morao ba sebeditse hora e le nngwe feela, mme o ba lekantse le rona ba jereng boima le mocheso wa letsatsi. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba re: Bana ba morao ba sebeditse hora e le nngwe feela, mme o ba lekantse le rona ba jereng boima le mocheso wa letsatsi. |
Yare ha tsatsi le tjhaba, Jehova a hlahisa moya o bohale wa botjhabela, mme letsatsi la bata hlooho ya Jonase, a ba a kgathala, a qela lefu, a re: Ho leng molemo ho nna ke ho shwa, e seng ho phela.
Mme le re: A ntho e kgathatsang! le bile le tshwela hodima yona, ho bolela Jehova wa makgotla; le tlisa se utswitsweng, le se hlotsang, le se kulang, le etsa sehlabelo ka tsona! Na ke tla se amohela matsohong a lona? ho botsa Jehova.
Ke ha le re: Ha ho thuse letho ho sebeletsa Modimo! re ruang, ha re boloka seo o re laetseng sona, leha re ntse re tsamaya re apere bofifi pela Jehova wa makgotla?
Ere ha le bona ha foka moya o tswang nqa Borwa, le re: Ho tla futhumala. Mme ho fele ho be jwalo.
Jwale, sebaka sa ho ithorisa se kae? Ha se yo. Ka molao ofe? A ke ka wa mosebetsi na? Tjhe; empa e le ka molao wa tumelo.
Hobane Modimo o mong feela, o tlang ho bea ba lebollo ba lokileng ka tumelo, le bona ba sa bollang ka tumelo.
Ho fihlela nako ena, re a lapa, re a nyorwa, re hlobotse, re a jabelwa, mme re hloka setsha.
e leng hore baditjhaba ke majalefa le Baiseraele, ke mmele o le mong le bona, ba na le kabelo hammoho pallong ho Jesu Kreste, ka Evangeli;
Hobane letsatsi le re le sa tjhaba le mofuthumela wa lona, le phakise le pontshe jwang, mme palesa ya jona e we, mme botle ba sebopeho sa jona bo timele; morui le yena o tla pona jwalo metsamaong ya hae.