Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 20:12 - BIBELE

12 ba re: ‘Bana ba ho qetela ba sebeditse hora e le nngwe feela, empa o ba lekantse le rona ba ileng ba sebetsa ka thata letsatsi lohle hara motjheso.’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 ba re: Bao ba morao ba sebeditse hora e le nngwe feela, mme o ba lekantse le rona, ba jereng boima ba letsatsi le ho tjhesa ha lona!

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 ba re: Bana ba morao ba sebeditse hora e le nngwe feela, mme o ba lekantse le rona ba jereng boima le mocheso wa letsatsi.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Ba re: Bana ba morao ba sebeditse hora e le nngwe feela, mme o ba lekantse le rona ba jereng boima le mocheso wa letsatsi.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 20:12
20 Referencias Cruzadas  

Ha letsatsi le tjhaba, Modimo a tsosa moya o tjhesang, o hlahang botjhabela, mme letsatsi la bataola Jonase hloohong, hoo a bileng a akgeha. A itakaletsa lefu, a re: “Ho ka ba molemo ho nna hore ke shwe, ho ena le hore ke nne ke phele.”


Le bile le re: ‘Ke ntho e tenang hakaakang!’ mme le e swenyetsa dinko,” ho rialo Morena wa mabotho. “Ha le tlisa phoofolo e utswitsweng, kapa e hlotsang, kapa e kulang, mme le nnyehella ka yona, na nka e amohela matsohong a lona?” ho rialo Morena.


“Le itse: ‘Ha ho thuse letho ho sebeletsa Modimo. Morena wa mabotho o re buseletsa ka eng ha re phetha ditaelo tsa hae, mme re inyatsa?


Ba e amohela ba ntse ba korotlela monga tshimo,


Ha ho foka moya wa borwa, le ye le re: ‘Ho tla tjhesa,’ mme ho be jwalo.


Ha ho le jwalo, ho ka ithorisetswang? Le letho! Ka eng? Na ke ka diketso? Tjhe, ke ka tumelo.


kaha Modimo o mong feela ya tla lokafatsa Bajuda ka tumelo, le baditjhaba ka tumelo.


Ho fihlela jwale re a lapa, re a nyorwa, re hlobotse, re a hlekefetswa, mme re a shota.


Sephiri seo ke ho re, ho Kreste Jesu, ka molaetsa o molemo, baditjhaba ke majalefa mmoho le Bajuda, bobedi ke ditho tsa mmele o le mong, mme ba na le kabelo tshepisong e le nngwe.


Ha letsatsi le tjhaba ka lebatama la lona, bo a omella, palesa ya bona e wela fatshe, mme botle ba bona bo a fela. Le yena morui o tla fela jwalo, a ntse a le hara merero ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos