Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Malakia 3:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ke ha le re: Ha ho thuse letho ho sebeletsa Modimo! re ruang, ha re boloka seo o re laetseng sona, leha re ntse re tsamaya re apere bofifi pela Jehova wa makgotla?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 “Le itse: ‘Ha ho thuse letho ho sebeletsa Modimo. Morena wa mabotho o re buseletsa ka eng ha re phetha ditaelo tsa hae, mme re inyatsa?

Ver Capítulo Copiar




Malakia 3:14
16 Referencias Cruzadas  

ba ne ba re ho Modimo: Sutha ho rona! Na Ya matla wohle a ka etsang bakeng sa rona na?


Hobane o itse: Motho ha a rue letho, leha a thabetse Modimo.


ha o re: Molemo ho nna e tla ba eng? Seo ke tla se rua ka ho se sebe keng?


Leha ho le jwalo, Jakobo, ha o a wa nthapela, wa ikgathalletsa nna, Iseraele!


Ba re: Na re itimelang dijo, ha o sa re bone? Re hlokofaletsang meya ya rona, ha o sa hlokomele teng na? Bonang, ka letsatsi la lona la ho itima dijo le mathela mesebetsing ya lona, mme le hlorisa bohle ba le sebeletsang.


Ba mpa ba re: Ha ho thuso! Re mpa re tla ya ka boithatelo ba rona, e mong le e mong a tle a etse ka ditakatso tsa pelo ya hae e mpe.


Bona leoto la hao hore le se ke la tsamaya feela, le mmetso wa hao hore o se ke wa oma. O mpa o re: Le hanyenyane! ke mpa ke ratile medimo ya baditjhaba, ke tla nne ke e latele.


Empa haesale re lesitse ho tjhesetsa mofumahadi wa lehodimo dibano, le ho mo tshollela dino, re ntse re haellwa ke dintho tsohle, mme re shwa ke lerumo le tlala.


Ba kgutla, empa e seng ho ya ho Ya hodimo. Ba jwaloka seqha se sa tshepeheng. Marena a bona a tla dihuwa ke lerumo ka baka la boithoriso ba maleme a wona. Ba tla songwa kahoo lefatsheng la Egepeta.


Athe le jwale, ho bolela Jehova, oho, kgutlelang ho nna ka pelo tsohle tsa lona, ka ho itima dijo, le ka dillo, le ka maikwahlayo.


Nakong eo, ke tla batlisisa Jerusalema ka mabone, ke kgalemele banna bao ba hwamileng hodima ditshifa tsa bona, ba reng pelong tsa bona: Jehova ha a na ho etsa hantle, leha e le ho etsa hampe.


Mantswe a lona a ikgantsha hodima ka, ho bolela Jehova; mme le re: Re buisana ka dife hodima hao?


Hlomohang dipelo, le lle, le bokolle; ditsheho tsa lona di fetohe dillo, thabo ya lona e fetohe maswabi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos