Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jonase 4:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Yare ha tsatsi le tjhaba, Jehova a hlahisa moya o bohale wa botjhabela, mme letsatsi la bata hlooho ya Jonase, a ba a kgathala, a qela lefu, a re: Ho leng molemo ho nna ke ho shwa, e seng ho phela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Ha letsatsi le tjhaba, Modimo a tsosa moya o tjhesang, o hlahang botjhabela, mme letsatsi la bataola Jonase hloohong, hoo a bileng a akgeha. A itakaletsa lefu, a re: “Ho ka ba molemo ho nna hore ke shwe, ho ena le hore ke nne ke phele.”

Ver Capítulo Copiar




Jonase 4:8
23 Referencias Cruzadas  

A ba a bona le qwapi tse supileng tse phutsitseng, tse tjheleng ke moya wa botjhabela, di mela kamora tseo.


Haele yena, a fetela pele feelleng, tsela ya tsatsi le le leng, a fihla, a dula tlasa sehlahla, a ikopela ho shwa, a re: Ho lekane! Oho, Jehova, nka moya wa ka jwale, hobane ha ke fete bontate ka molemo.


Yaba Akabe o boela hae, a hloname, a halefile ke taba eo Nabothe wa Jisreele a mo arabileng ka yona, kamoo a itseng kateng: Nke ke ka o nea lefa la bontate. A robala diphateng tsa hae, a reteletsa sefahleho sa hae, a hana ho ja bohobe.


Jobo a re ho yena: O bua jwaloka lewatla ha le bua. Na re tla amohela tse molemo letsohong la Modimo, re se ke ra amohela tse mpe na? Tabeng tseo kaofela, Jobo ha a ka a etsa sebe ka molomo wa hae.


ke moo pelo ya ka e kgethileng ho kgangwa le ho shwa, ho fetisa ha ke boloka masapo a ka.


O ke ke wa batwa ke letsatsi ka nyene, leha e le ke kgwedi ka bosiu.


Ke a kgutsa, ha ke ahlamise molomo, hobane ke wena ya sebetsang.


O se ke wa phaka wa halefa pelong ya hao, hobane kgalefo e ye e hanelle sefubeng sa mawatla.


Le se ke la ntadima ha ke le motshwana, hobane ke tjhele ke letsatsi; bara ba mmè, ha ba nkgalefetse, ba mpeile ho disa merara, mme merara e leng ya me ka sebele ha ke a e disa.


Ha ba sa tla hlola ba lapa, leha e le ho nyorwa, ha ba sa tla bona diphalana tsa selemo leha e le ho batwa ke tjheso ya letsatsi, hobane ya ba hauhetseng ke yena ya tla ba tsamaisa, le ho ba isa metsing a kwellang.


Empa o ne o fotholwe ka kgalefo, wa dihelwa fatshe, moya wa botjhabela wa pontsha ditholwana tsa wona; makala a matla a wona a rojwa, a omella; mollo wa a qeta.


Leha Efraime a beha ditholwana hara banababo, moya wa botjhabela o ya foka, moya wa Jehova o ya tswa feelleng. Ho tla psha sediba sa hae, mehlodi ya hae e ome. Sera se tla hapa matlotlo a mesebetsi yohle ya bohlokwa.


Moshe a re ho Aarone: Ke seo Jehova a na beng a se boletse, a re: Ke tla halaletswa ka ba emang pela ka, mme ke tla hodiswa mahlong a setjhaba kaofela.


Yaba Jehova o romela hlapi e kgolo ho metsa Jonase, Jonase a ba a dula mpeng ya hlapi matsatsi a mararo le masiu a mararo.


Empa Jehova a tsosa moya o moholo lewatleng, mme ha tsoha sefefo se seholo lewatleng, sekepe sa ba sa batla se robeha.


Mme jwale, ke re: Jehova, lata hle bophelo ba ka, hobane ho ka bang molemo ho nna ke ho shwa, e seng ho phela.


Empa Modimo wa re ho Jonase: A o etsa hantle, ha o hlonamile ka baka la monyaku na? Yena a re: Ke etsa hantle ha ke hlonamile, le ho isa ho shweng.


ba re: Bao ba morao ba sebeditse hora e le nngwe feela, mme o ba lekantse le rona, ba jereng boima ba letsatsi le ho tjhesa ha lona!


Nna, ke kgalemela, ke laya bohle bao ke ba ratang; o be le tjheseho hle, mme o bake.


Ha ba sa tla hlola ba lapa, leha e le ho nyorwa; ha ba sa tla hlola ba batwa ke letsatsi, leha e le ke lebatama le leng;


Ka baka leo, Samuele a mo tsebisa taba tsohle, a se ke a mo patela letho. Ebile Eli o re: Ke Jehova, a ke a etse kamoo a ratang kateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos