Leha o ka tloha, leha o ka kgutla, Jehova o tla o baballa, jwale le ho isa ho sa feleng.
Mattheu 2:22 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa, eitse hobane a utlwe ha ho thwe, Arkelause o busa Judea, tulong tsa ntatae Heroda, a tshaba ho ya teng; mme ha a senoletswe ke Modimo ka toro, a kgutlela naheng ya Galelea. BIBELE Empa ha a utlwa hore Arekelaose o hlahlamile ntatae Heroda boreneng ba Judea, a tshaba ho ya teng. Hoba a lemoswe torong, a tshabela seterekeng sa Galelea, Baasraak Sotho NT Eitse ha a utlwa hore Arkelause o busa Judea tulong tsa ntatae Heroda, a tshaba ho ya teng; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha a utlwa hore Arkelause o busa Judea tulong tsa ntatae Heroda, a tshaba ho ya teng; |
Leha o ka tloha, leha o ka kgutla, Jehova o tla o baballa, jwale le ho isa ho sa feleng.
Hobane Modimo oo ke Modimo wa rona kamehla le ka ho sa feleng; o tla re tsamaisa ho isa le lefung.
Ditsebe tsa hao di tla utlwa lentswe kamora hao, le reng: Tsela ke yona ena, tsamayang ho yona, esere la ya ka ho le letona, kapa ka ho le letshehadi.
Empa, eitse ha a sa hopotse teng, lengeloi la Morena la mo hlahela ka toro, la re: Josefa, mora Davida, o se ke wa tshaba ho inkela Maria, mosadi wa hao, hobane se emotsweng ke yena, ke sa Moya o Halalelang.
Jesu eitse ha a tswaletswe Bethlehema wa Judea, mehleng ya morena Heroda, bonang, Ba Bohlale ba botjhabela ba fihla Jerusalema,
Empa, eitse hobane Heroda a shwe, lengeloi la Morena la hlahela Josefa ka toro, Egepeta, la re:
Eitse hobane ba phethe tsohle tse laetsweng molaong wa Morena, ba kgutlela Galelea, ba ya Nasaretha, motseng wa habo.
Ba araba, ba re ho yena: Na le wena o tswa Galelea na? Botsisisa, o lemohe hobane ha ho moporofeta ya hlahileng Galelea.
Samuele a re: Nka ya jwang? Saule ha a ka utlwa, o tla mpolaya. Jehova a re: Eya le sethole, o tle o re, o tlile ho hlabela Jehova.