La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 2:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Mohoo o utlwahetse Rama, wa pohomela, wa dillo, wa mahlomola a maholo: Ragele o llela bana ba hae, mme o hana ho tshediswa, hobane ba le siyo.

Ver Capítulo

BIBELE

“Mohoo o utlwahetse Rama: seboko le sello sa mmokotsane; Ragele o llela bana ba hae, mme o hana ho tshediseha, hobane ha ba sa le yo.”

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Lentswe la utlwahala Rama, la sello, le dillo, le dillo tse kgolo, Ragele a llela bana ba hae, a hana ho tshediswa, kahobane ha ba sa le yo.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Lentswe la utlwahala Rama, la sello, le dillo, le dillo tse kgolo, Ragele a llela bana ba hae, a hana ho tshediswa, kahobane ha ba sa le yo.

Ver Capítulo



Mattheu 2:18
12 Referencias Cruzadas  

a boela ho banababo, a re: Ngwana ha a sa le yo, mme nna ke tla leba kae na?


Yaba Jakobo, ntata bona, o re ho bona: Le ntlhokisitse bana! Josefa o siyo, le Simeone o siyo, mme jwale le nkamoha le Benjamine; ditaba tsena kaofela di a mpolaya.


Empa motho ha a eshwa, o fedile matla; ere ha ya shwang a neela moya, eba o kae na?


Ho itswe ke Jehova: Mohoo o utlwahetse Rama, wa pokollo, wa dillo tse bohlokohloko: ke Ragele ya llelang bana ba hae, ya hanang ho tshediswa bakeng sa bana ba hae, hobane ha ba sa le yo.


Hobane ke ultwa mehoo e kang ya ya belehang, tsietsi e kang ya ya itshihlollang letsibolo; ke mohoo wa moradi wa Sione, o fehelwa a otlolotse matsoho a hae, o re: Jo! jo nna! moya wa ka o imeditswe ke babolai.


La e phutholla pela ka, e ngodilwe kahare le kantle, e ngodilwe dipobodi, le kodiyamalla, le difehelo.


Mohlang oo, ho etsahetse ho boletsweng ke moporofeta Jeremia, ha a re:


Ba ne ba lla kaofela, ba mo llela; empa Jesu a re: Se lleng; ha a shwa, o mpa a robetse.


Jwale, ka bona, ka ba ka utlwa ntsu e nngwe e fofang sebakeng sa lehodimo, e re ka lentswe le phahamileng: Ho madimabe, ho madimabe, ho madimabe ba ahileng lefatsheng, ka baka la mantswe a sa setseng a diterompeta tsa mangeloi a mararo a sa tlang ho di letsa!