Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 14:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Empa motho ha a eshwa, o fedile matla; ere ha ya shwang a neela moya, eba o kae na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Empa motho yena o a shwa, a fellwe ke matla, a neele moya, ebe jwale o kae?

Ver Capítulo Copiar




Jobo 14:10
20 Referencias Cruzadas  

Eitse ha Jakobo a qetile ho laela bara ba hae, a busetsa maoto a hae diphateng, a neela moya, a orohela setjhabeng sa habo.


Re basele pela hao, re bajaki jwaloka bontata rona kaofela; ditshiu tsa rona lefatsheng e ka moriti; mme ho dula ha ho yo.


Jo! Na o nntsheditseng popelong ya mme? Nka be ke shwele teng, ke se ke ka bonwa ke leihlo la motho;


Empa mahlo a ba bolotsana a tingwa, ba hloka setshabelo; tshepo e ba saletseng ke ho neela moya.


Na le ka rata hore o le botsisise hohle na? Kapa le ka o thetsa jwalokaha ho thetswa batho na?


motho le yena o ye a robale, mme ha a sa tsoha; ho fihlela lehodimo le eba siyo, ho ke ke ha tsohuwa ke motho, a ke ke a phaphama borokong ba hae.


ha se utlwa metsi se tla tsoha, se hlomele, se medise makala jwaloka setlama se setjha.


Mme leha letlalo la ka le senyehile, ke tla bona Modimo ke se ke se nameng.


leha ho le jwalo, o tla fela jwaloka lethete la hae, ka ho sa feleng; ba mmoneng ba tla re: O kae?


Ke ne ke sa shwe keng mpeng ya mme, kapa ke ne ke sa timele keng ke sa tswa popelong?


Hobane jwale, nka be ke rapaletse ke ikgutseditse, nka be ke robetse, mme ka phomola le nna,


Ha o ntshwarele tshito ya ka keng, wa tlosa bokgopo ba ka na? Hobane ke se ke ya robala leroleng; o tla mpatla, mme ke tla ba siyo.


Moetsadibe o kgoholwa ke bobe ba hae; empa motho ya lokileng o na le tshepo le lefung.


Tsohle di ikela nqalong e le nngwe; tsohle di tswa leroleng, mme tsohle di kgutlela leroleng.


Ke mang ya tsebang haeba moya wa bana ba batho o nyolohela hodimo, kapa ha moya wa phoofolo o theohela tlase lefatsheng?


Empa Jesu a boela a meketsa ka lentswe le leholo, mme a neela moya.


Yaba o se a wela maotong a hae, a eshwa. Bahlankana, eitse ha ba kena, ba mo fumana a se a shwele, mme ba ya mo epela ho monna wa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos