La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 19:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Jesu a re ho bona: Lesang bana, le se ke la ba thibela ho tla ho nna; hobane mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona.

Ver Capítulo

BIBELE

Jesu a re: “Lesang bana ba tle ho nna. Le se ke la ba thibela ho tla ho nna, hobane Mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona.”

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Jesu a re: Lesang bana, le se ke la ba thibela ho tla ho nna, hobane mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Jesu a re: Lesang bana, le se ke la ba thibela ho tla ho nna, hobane mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona.

Ver Capítulo



Mattheu 19:14
18 Referencias Cruzadas  

Abrahama a bolotsa Isaaka, mora hae, mohla a nang le matsatsi a robileng meno e mmedi, kamoo Modimo o neng o mo laetse kateng.


Nakong eo, Jesu a bua, a re: Ke a o rorisa, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane taba tsena o di patetse ba bohlale le ba masene, mme o di kwaholletse ba banyenyane.


a re: Kannete ke re ho lona: Ha le sa fetohe, la ba jwaloka bana, ha le ka ke la kena mmusong wa mahodimo.


Mme eitse ha a ba beile matsoho, a tloha teng.


Ho lehlohonolo ba hlorisetswang ho loka; hobane mmuso wa mahodimo ke wa bona.


Ho lehlohonolo bafumanehi moyeng, hobane mmuso wa mahodimo ke wa bona.


Jesu, ha a bona hoo, a ba bohale, a re ho bona: Lesang bana ba tle ho nna, mme le se ke la ba thibela; hobane mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona.


Kannete ke re ho lona: E mong le e mong ya sa amoheleng mmuso wa Modimo jwaloka ngwana, a ke ke a kena teng.


Banabeso, le se ke la ba bana hlalefong, le mpe le be bana lonyeng; mme haele hlalefong, le be banna.


O itse ho nna: Bona, o tla emara, o tswale moshanyana; mme jwale, o se ke wa nwa veine, leha e le seno se bodila, mme o se ke wa ja letho le ditshila, hobane ngwana e tla ba monasari wa Modimo, a sa le popelong ya mmae, a be a shwe.


A itlama ka kano, a re: Jehova wa makgotla, ha o ka tadimisisa bohloko ba lekgabunyane la hao, leha o ka nkgopola, o sa lebale lekgabunyane la hao, leha o ka fa lekgabunyane la hao ngwana e motona, ke tla mo neela Jehova ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha hae, mme lehare ha le ka ke la mmeola hlooho.


Anna a mpa a se ke a ya, a re ho monna wa hae: Mohla ngwana a kgwesitsweng, ke hona ke tla mo isa, a tle a hlahiswe pela Jehova, mme a dule teng kamehla.


Eitse hobane a qete ho mo kgwesa, ba ya le yena ka kgomo tse tharo, le efa e nngwe ya phofo, le lekuka la veine, mme a mo tlisa tlung ya Jehova, Silo, ngwana a sa le monyenyane.


Haele mohlankana Samuele, o ne a ntse a sebeletsa Jehova, a apere efoda ya lene.