Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 1:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Anna a mpa a se ke a ya, a re ho monna wa hae: Mohla ngwana a kgwesitsweng, ke hona ke tla mo isa, a tle a hlahiswe pela Jehova, mme a dule teng kamehla.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Empa ha e le Anna yena a se ke a nyoloha, hobane o ile a re ho monna wa hae: “Hanghang ha moshanyana a kgweswa, ke tla mo tlisa, ke mo hlahise kapele ho Morena, mme a tle a hlole teng kamehla yohle.”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 1:22
17 Referencias Cruzadas  

Jehova o hlapantse, a ke ke a kweneha; o itse: O moprista ka ho sa yeng kae, ka mokgwa wa Melkisedeke.


Ruri, lehlohonolo le mohau di ntse di ntatela ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha ka, mme ke tla nne ke hlole ka tlung ya Jehova kamehla.


Ntho e teng eo ke e kopang ho Jehova, eo ke ratang ho e bona, ke hobane ke dule ka tlung ya Jehova ka ditshiu tsohle tsa bophelo ba ka, ke tle ke bohe bokgabane ba Jehova, ke lekodisise tempele ya hae.


teng, monga lona o tla le atametsa pela Modimo, a le atametse pela lemati la monyako kapa kosene ya lona, mme monga lona o tla le phunya tsebe ka lemao, mme le tla nne le mo sebeletse ka ho sa feleng.


hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.


Masimo a se ke a rekiswa ka ho ela ruri, hobane naha ke ya ka, etswe lona le le baditjhaba, le ba ikaheletseng ha ka.


Hobane ho fete matsatsi ao ba itlhatswang ka wona, ka molao wa Moshe, ba isa ngwana Jerusalema, ho mo hlahisa pela Morena;


Hararo ka selemo, ba batona bohle ba heno ba tla itlhahisa pela Jehova, Modimo wa hao, nqalong eo a tla e kgetha, mohla mokete wa mahobe a sa lomoswang, le mohla mokete wa Diveke, le mohla mokete wa Metlotlwane: ba se ke ba itlhahisa pela Jehova ba le feela;


le no re ho bona: Ke hobane metsi a Jordane a ne a kgaolwe pela areka ya selekane sa Jehova; mohla e tshelang Jordane, metsi a Jordane a kgaolwa; mme majwe ana ke kgopotso ya kamehlamehla ho bana ba Iseraele.


A itlama ka kano, a re: Jehova wa makgotla, ha o ka tadimisisa bohloko ba lekgabunyane la hao, leha o ka nkgopola, o sa lebale lekgabunyane la hao, leha o ka fa lekgabunyane la hao ngwana e motona, ke tla mo neela Jehova ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha hae, mme lehare ha le ka ke la mmeola hlooho.


Ke bile ke mo kgethetse Jehova ke hona, mme efela e tla ba ya kgethetsweng Jehova ka ditshiu tsohle tseo a tla phela ka tsona. Ebile o kgumamela Jehova hona moo.


Samuele a re ho Saule: O entse ka bothoto, ha o sa ka wa boloka taelo ya Jehova, Modimo wa hao, eo a o laetseng yona; athe Jehova a ka be a tiisitse borena ba hao Iseraeleng ka ho sa feleng.


Ebile Elkana o boela Rama tlung ya hae; ngwana yena a sala a sebeletsa Jehova pela moprista Eli.


Haele mohlankana Samuele, o ne a ntse a sebeletsa Jehova, a apere efoda ya lene.


Davida a re ho Akishe: Kannete, o tla tseba seo mohlanka wa hao a tla se etsa. Akishe a boela a re ho Davida: Kannete, ke tla o bea ya mpolokang hlooho ka tshiu tsohle tsa ho phela ha ka.


Haele mohlankanyana Samuele, o ne a ntse a sebeletsa Jehova pontsheng ho Eli. Mehleng eo, lentswe la Jehova le be le hlokeha, mme dipono di ne di sa ata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos