Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 1:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Monna wa hae Elkana a re ho yena: Etsa kamoo o ratang kateng; o dule, a be a kgwe; feela ke re: Jehova a tiise polelo ya hae. Mosadi a dula jwalo, a anyesa ngwana hae, a ba a mo kgwesa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Yaba Elekana, monna wa hae, o re ho Anna: “Etsa seo o bonang se lokile, o emele ho fihlela o mo kgwesitse. Feela eka Morena a ka etsa hore o phethahatse kano ya hao.” Yaba Anna o itulela hae, o hodisa mora wa hae ho fihlela a ba a mo kgwesa.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 1:23
12 Referencias Cruzadas  

Jwale, Jehova Modimo, lentswe leo o le boletseng bakeng sa mohlanka wa hao le bakeng sa ntlo ya hae, o nne o le tiise ka ho sa feleng, mme o etse kamoo o boletseng kateng.


Hosasa ha ke tsoha, ke re ke anyesa mora wa ka, ka bona a se a timetse; empa ha ke mo qamakisisa hosasa, ka bona e se mora ka eo ke mo tswetseng.


Efela ke wena ya nntshitseng popelong, wa nna wa ntshepisa matsweleng a mme,


Esale nna ke tiisang lentswe la mohlanka wa ka, ke etsahatsang ditaba tsa ba romilweng ke nna, ke bolelang hore Jerusalema o tla hahuwa, le hore metse ya Juda e tla boela e hahuwe, mme ke tla tsosa dithako tsa yona;


Empa ha monna wa hae a di fedisa ka tsatsi leo a di utlwileng ka lona, tsohle tseo a ikanneng ka tsona le tseo a itlamileng ka tsona, e tla ba tse sa tiyang, hobane monna wa hae o di fedisitse; mme Jehova o tla mo tshwarela.


Ho tla ba madimabe basadi ba baimana, le ba anyesang mehleng eo.


Jesu a re a sa bolela taba tseo, mosadi e mong ya hara bongata a phahamisa lentswe, a re ho yena: Ho lehlohonolo popelo e o emereng, le matswele ao o a antseng.


Ebile moo Eli a arabang, a re: Ikele ka kgotso, mme Modimo wa Iseraele o o fe seo o se kopileng ho wona.


Ebile Saule o re: A re theoheng, re phallele Bafilesta le bosiu, re tle re ba qete ho isa ka meso, re se ke ra lesa le a mong ho bona. Ba re: Etsa kahohle kamoo o ratang kateng. Empa moprista a re: A re atameleng ho Modimo mona.


Yaba o re ho Baiseraele bohle: Emang, lona, ka nqa e nngwe; nna le Jonathane mora ka, re tla ema kahosele. Setjhaba sa re ho Saule: Etsa kamoo o ratang kateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos