Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Bakorinthe 14:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Banabeso, le se ke la ba bana hlalefong, le mpe le be bana lonyeng; mme haele hlalefong, le be banna.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Bana beso, le se ke la nahana jwaloka bana, le nahane jwaloka batho ba baholo, empa le be masea ka nqeng ya bobe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

20 Banab’eso, le se ke la ba bana matleng a kelello;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Banab’eso, le se ke la ba bana matleng a kelello;

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 14:20
25 Referencias Cruzadas  

Yaba ke bea balebedi sephitshaneng se kamora lerako, dibakeng tse ahlameng; ka bea setjhaba teng ka masika a sona, ba ena le disabole tsa bona, le marumo a bona, le diqha tsa bona.


Ke na le kutlwisiso e fetisang ya ba nthutang kaofela, hobane dikeletso tsa hao ke nahano ya ka.


O tla thabela ho tshaba Jehova, a ke se ke a ahlola ka tjhadimo ya mahlo, leha e le ho tswa ka ho utlwa taba ya ba re.


Ruri setjhaba sa ka ke sethoto, ha se ntsebe; ke bana ba mawatla ba se nang kelello; ba bohlale ho etsa hampe, empa ha ba tsebe ho etsa hantle.


Nakong eo, Jesu a bua, a re: Ke a o rorisa, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane taba tsena o di patetse ba bohlale le ba masene, mme o di kwaholletse ba banyenyane.


a re: Kannete ke re ho lona: Ha le sa fetohe, la ba jwaloka bana, ha le ka ke la kena mmusong wa mahodimo.


Jesu a re ho bona: Lesang bana, le se ke la ba thibela ho tla ho nna; hobane mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona.


A ba araba, a re: Na ha le a ka la bala hobane ya ba entseng tshimolohong, o ba entse e le e motona le e motshehadi,


Kannete ke re ho lona: E mong le e mong ya sa amoheleng mmuso wa Modimo jwaloka ngwana, a ke ke a kena teng.


Kannete ke re ho lona: Leha e ka ba mang, ya sa amoheleng mmuso wa Modimo jwaloka ngwana, a ke ke a kena teng.


Banabeso, ha ke rate ha le sa tsebe hobane ke rerile hangata ho ya ho lona, ke tle ke kge ditholwana tse ding le ho lona, jwalokaha ke entse ditjhabeng tse ding; ke mpa ke thibetswe ho fihlela jwale.


Empa ho utlwa ha lona ho tsebilwe ke bohle; ke le thabela ke hona, empa ke rata ha le ka ba bohlale botleng, mme le be dithoto bobeng.


Ha ke ne ke le ngwana, ke ne ke bua jwaloka ngwana, ke ne ke hopola jwaloka ngwana, ke ne ke lekanya jwaloka ngwana; mohla ke fetohileng monna, ke lahlile tsa bongwana.


Empa kerekeng nka rata ho bolela mantswe a le mahlano feela ka kelello, ke tle ke rute ba bang le bona, ho fetisa mantswe a dikete tse leshome ka puo.


Empa re bolela bohlale hara ba phethehileng, e seng bohlale ba lefatshe lena, le ba marena a lefatshe lena a felang;


re tle re be re finyelle bohle bonngweng ba tumelo le ba tsebo ya Mora wa Modimo, re be re fihlele boholo ba monna ya phethehileng, le tekano ya boemo bo phethehileng ba Kreste;


Mme seo ke se kopang, ke hore lerato la lona le nne le eketsehe kamehla, ka tsebo le ka kelello yohle;


Ka baka leo, rona bohle ba phethehileng, a re ke re ikutlweng jwalo; mme ha le ena le boikutlo bosele nthong e nngwe, le hona Modimo o tla le senolela hona.


mme le lapele haholo, jwaloka bana ba tswang ho tswalwa, lebese la moya, le sa tswakwang, le tle le holele poloko ke lona;


le mpe le hole mohaung le tsebong ya Jesu Kreste, Morena le Mmoloki wa rona. Ho yena e be kganya jwale le mehleng e sa feleng! Amen!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos