Modimo wa ba hlohonolofatsa, mme Modimo wa re ho bona: Ngatafalang, le ate, le tlale lefatsheng, le rene hodima lona, mme le buse dihlapi tsa lewatle, le tse rurang tsa mahodimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatsheng.
Mattheu 17:27 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa ka ho re, re se ke ra ba kgopisa, eya lewatleng, o akgele selope teng, mme o tshwase hlapi e tla phahama pele; etlare ha o e ahlamisa molomo, o tla fumana tjhelete ya setatera teng; o e nke, o ba nee yona, e lefelle nna le wena. BIBELE Empa hore re tle re se ke ra ba kgopisa, eya lewatleng, o akgele selope, mme tlhapi eo o tla e tshwasa pele, o e nke, o e ahlamolle, mme o tla fumana setatera; o se nke, o ba nee sona ho lefella rona le wena.” Baasraak Sotho NT Leha ho le jwalo, e le hore re se ke ra ba kgopisa, eya lewatleng, o akgele sehape, mme o nke hlapi e tla fihla pele; mme etlare hobane o ahlamisitse molomo wa yona, o tla fumana sekoto sa tjhelete; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Leha ho le jwalo, e le hore re se ke ra ba kgopisa, eya lewatleng, o akgele sehape, mme o nke hlapi e tla fihla pele; mme etlare hobane o ahlamisitse molomo wa yona, o tla fumana sekoto sa tjhelete; |
Modimo wa ba hlohonolofatsa, mme Modimo wa re ho bona: Ngatafalang, le ate, le tlale lefatsheng, le rene hodima lona, mme le buse dihlapi tsa lewatle, le tse rurang tsa mahodimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatsheng.
le dinonyana tsa lehodimo, le dihlapi tsa lewatle, tsohle tse itsamaelang ditseleng tsa lewatle.
Yaba Jehova o romela hlapi e kgolo ho metsa Jonase, Jonase a ba a dula mpeng ya hlapi matsatsi a mararo le masiu a mararo.
Petrose a re ho yena: Ke ho ba ditjhaba tse ding. Jesu a re ho yena: Ha ho le jwalo bana bona ba lokolohile lekgethong.
Empa e mong le e mong ya kgopisang e mong wa ba banyenyane bana ba dumelang ho nna, ho ka ba molemo ho yena hore a tlamellwe lelwala le leholo molaleng, mme a dihelwe bodibeng ba lewatle.
Empa letsoho la hao, kapa leoto, ha le o dihela, o le pome, o le lahlele hole le wena; hobane ho molemo ho wena ho kena bophelong leha o le tsohane, kapa o le sehlotsa, ho ena le ho lahlelwa mollong o sa feleng, o ena le maoto a mabedi, kapa matsoho a mabedi.
Ekare ha leihlo la hao le letona le o dihela, o le honye, mme o le lahlele hole le wena; hobane ho ka ba molemo ho wena ha setho sa hao se timela se le seng feela, mmele wohle wa hao o se ke wa lahlelwa diheleng.
Ekare ha letsoho la hao le letona le o dihela, o le pome, mme o le lahlele hole le wena; hobane ho ka ba molemo ho wena ha setho sa hao se timela se le seng feela, mmele wohle wa hao o se ke wa lahlelwa diheleng.
Haele ya ka kgopisang e mong wa ba banyenyane bana ba dumetseng ho nna, ho ka bang molemo ho yena ke ho tlamellwa lelwala le leholo molaleng, a lahlelwe lewatleng.
Letsoho la hao ha le o dihela, o le kgaole; ho ka bang molemo ho wena ke ha o kena bophelong o le tsohane, e seng ho ya diheleng, mollong o sa timeng, o ena le matsoho a mabedi;
Ho ka bang molemo ho yena, ke ho tlamellwa lelwala le leholo molaleng, le ho dihelwa lewatleng, ho ena le hore a kgopise e mong wa ba banyenyane bana.
Yare ha Jesu a tseba ka ho yena hobane barutuwa ba hae ba seba ka taba eo, a re ho bona: Na hoo ho a le kgopisa na?
Ho hotle hore ho se ke ha jewa nama, ho se ke ha nowa veine, ho se ke ha etswa letho, leha le le leng, le ka kgopisang ngwaneno, leha e le ho mo kgolokgothehisa, leha e le ho mo fokodisa.
Ha ho le jwalo, ekare ha sejo seo se ka kgopisa ngwaneso, nke ke ka hlola ke eja nama le ka mohla o le mong, ke tle ke se ke ka kgopisa ngwaneso.
Ha re dihele batho le ka nthwana e nyenyane, tshebeletso ya rona e tle e se ke ya nyatsuwa.
Hobane le tseba mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hoba, leha a ne a enne, o ne a iketse mofumanehi ka baka la lona, le tle le ene ka bofumanehi ba hae.
Utlwang, banabeso ba ratwang! Na Modimo ha o a ka wa kgetha bafumanehi ba lefatshe lena, hore e be ba ruileng tumelong, le majalefa a mmuso oo o o baletseng ba o ratang?