Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 9:42 - Sesotho 1909/1961 (SO)

42 Haele ya ka kgopisang e mong wa ba banyenyane bana ba dumetseng ho nna, ho ka bang molemo ho yena ke ho tlamellwa lelwala le leholo molaleng, a lahlelwe lewatleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

42 “Mang le mang ya dihelang sebeng e mong wa ba banyenyane bana ba dumelang ho nna, ho molemo ho yena ha a tlamellwa lelwala molaleng, mme a lahlelwa lewatleng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

42 E mong le e mong ya ka kgopisang e mong wa ba banyenyane bana ba dumelang ho nna, ho ka ba molemo ho yena hore lelwala le tlamellwa molaleng wa hae, mme a akgelwe lewatleng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

42 E mong le e mong ya ka kgopisang e mong wa ba banyenyane bana ba dumelang ho nna, ho ka ba molemo ho yena hore lelwala le tlamellwa molaleng wa hae, mme a akgelwe lewatleng.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 9:42
19 Referencias Cruzadas  

Empa ka ho re, re se ke ra ba kgopisa, eya lewatleng, o akgele selope teng, mme o tshwase hlapi e tla phahama pele; etlare ha o e ahlamisa molomo, o tla fumana tjhelete ya setatera teng; o e nke, o ba nee yona, e lefelle nna le wena.


Iponeleng, le se ke la nyedisa le a mong wa ba banyenyane bana; hobane ke re ho lona: Mahodimong, mangeloi a bona a tadima kamehla sefahleho sa Ntate ya mahodimong.


Empa e mong le e mong ya kgopisang e mong wa ba banyenyane bana ba dumelang ho nna, ho ka ba molemo ho yena hore a tlamellwe lelwala le leholo molaleng, mme a dihelwe bodibeng ba lewatle.


A wela fatshe, a utlwa lentswe le reng ho yena: Saule, Saule, o ntlhorisetsang na?


A re se keng ra ahlolana ke hona; le mpe le ahlole hona hore ha le a tshwanela ho bea kgopiso le kgolokgothehiso pela ngwanabo lona.


Ho mpe ho be jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Bao a neng a eso ho ka a bolelwa ho bona, ba tla bona, le ba neng ba eso ho ka ba utlwa taba tsa hae, ba tla utlwisisa.


Jwale, banabeso, ke a le kgothatsa, ke re, le iponele ho ba hlahisang dikgaohano le dikgopiso ka ho senya thuto eo le ithutileng yona, mme le ba sesefe.


Ha re dihele batho le ka nthwana e nyenyane, tshebeletso ya rona e tle e se ke ya nyatsuwa.


le tle le tsebe ho lemoha ditaba tse fetisang ka molemo, le nne le hlweke, mme le se ke la kgoptjwa, letsatsi la Kreste le be le tjhabe;


Ke ka baka leo ke ratang hoba bahlolohadi ba batjha ba nyalwe, ba tswale bana, ba dise matlo a bona, ba se ke ba nea mohanyetsi sebaka le se senyenyane sa ho seba.


Mme ba bangata ba tla ba latela bohloleng ba bona; mme tsela ya nnete e tla nyefolwa ka baka la bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos