Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 8:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Le mpe le iponele esere mohlomong tokoloho ya lona e ka kgopisa ba fokolang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Leha ho le jwalo, le hlokomele esere bolokolohi ba lona ba dihela ba tumelo e fokolang sebeng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Empa iponeleng, esere tokelo eo ya lona ya eba kgopiso ho ba fokolang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Empa iponeleng, esere tokelo eo ya lona ya eba kgopiso ho ba fokolang.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 8:9
27 Referencias Cruzadas  

A le ke le feng matsoho a tepeletseng matla, le tiise mangole a tetemang.


Ho tla thwe: Batalatsang, batalatsang, le lokise tsela, le tlose dikgopiso tsohle tseleng ya setjhaba sa ka!


Mora motho, banna bana ba kgomaretse ditshwantsho tsa bona ka dipelo tsa bona, ba beile lebaka la kgopiso la bokgopo ba bona maloka le bona: Hleka nka dumela ho botswa ke bona na?


Hobane ba kile ba ba etsetsa tshebeletso ya ditshwantsho tsa bona, ya eba kgopiso ya bokgopo ho ntlo ya Iseraele; ka baka leo, nkile ka ba emisetsa letsoho la ka, ho bolela Morena Jehova, mme ba tla jara bokgopo ba bona.


O se ke wa rohaka ya tsebetutu; o se ke wa bea letho pela sefofu le ka mo kgopang. Tshaba Modimo wa hao. Ke nna Jehova.


Iponeleng, le se ke la nyedisa le a mong wa ba banyenyane bana; hobane ke re ho lona: Mahodimong, mangeloi a bona a tadima kamehla sefahleho sa Ntate ya mahodimong.


Jwale, rona ba matla, re tshwanetse ho jara mefokolo ya ba fokolang, mme re se ke ra batla ho kgahlisang rona feela.


Ho se ke ha eba motho ya batlang tse tshwanelang yena a nnotshi, empa motho ka mong a ke a batle le tse tshwanelang ba bang.


Empa etlere ha motho a le bolella, a re: Ntho eo e hlabetswe ditshwantsho, le se ke la e ja ka baka la ya le eleditseng, le ka baka la letswalo; hobane lefatshe ke la Morena, le ho tlala ha lona.


Mme ha ke bolela letswalo, hase la hao, empa e le la e mong; hobane ho se tshabe ha ka ho ka tsuwa jwang ke letswalo la e mong?


Le se ke la dihela Bajuda, leha e le Bagerike, leha e le kereke ya Modimo,


Hobane ekare ha e mong a o bona, wena ya nang le tsebo, o dutse ho ja tempeleng ya ditshwantsho, na letswalo la ya fokolang le ke ke la kgothatswa ke hona hore a tle a je tse hlabetsweng ditshwantsho na?


Mme ha le sitelwa bana babo lona jwalo, mme le hlaba matswalo a bona a fokolang, le sitelwa le Kreste.


ho ba fokolang, ke ikentse ya fokolang, ho rua ba fokolang; ke ikentse ntho tsohle ho bohle, hore ke mpe ke pholose ba bang.


Ke rialo ka dihlong, ho le jwaloka hoja re se na matla le hanyenyane. Athe leha motho a ka bua a sa tshabise letho, le nna — ke bua ka bowatla — nke ke ka tshabisa letho.


Ke mang ya fokolang, nna ke sa fokole? Ke mang ya kgoptjwang, nna ke sa tjhe?


Ha re dihele batho le ka nthwana e nyenyane, tshebeletso ya rona e tle e se ke ya nyatsuwa.


Haele lona, banabeso, le bileditswe ho lokoloha, empa feela le se ke la etsa tokoloho eo sebaka sa ho phela ka nama, le mpe le sebeletsane ka baka la lerato.


Itebeleng, motho a se ke a le hulanya ka bohlale ba batho le ka mashano a lefeela, ka ho ya ka dithuto tseo batho ba neanang tsona, ka ho latela ditaba tsa qalo tsa lefatshe, e seng Kreste.


Etsang ka mokgwa o tshwanelang balokolohi, e seng ka ho etsa bolokolohi ba lona tshireletso ya bobe, le mpe le ipee bahlanka ba Modimo.


ba ba tshepisa tokoloho, athe bona ke bahlanka ba ho bola; hobane seo motho a hlolwang ke sona, o fetoha mofo wa sona le hona.


Empa ke na le ditaba tse seng kae, tseo ke di nyatsang ho wena: ke hobane mona o na le ba yang ka thuto ya Balaame, ya rutileng Balake ho bea kgopiso pela bana ba Iseraele, ba tle ba je tse hlabetsweng medimo ya bohata, mme ba etse bohlola.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos