A ba beela setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwana le hlaku ya mosetareta, eo motho a e nkileng, a e sunya tshimong ya hae.
Mattheu 17:20 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a re ho bona: Ke ka baka la ho se dumele ha lona; hobane kannete ke re ho lona: Hoja le na le tumelo e ka ka hlaku ya mosetareta, leha le be le ka re ho thaba ena: Fallela mane; e ka fallela teng, mme ho ka be ho se letho le le sitang. BIBELE A re ho bona: “Ke hobane tumelo ya lona e a fokola. Kannete ke a le bolella, ke re: Hoja le na le tumelo e kaa ka tlhaku ya mosetareta le ne le tla re ho thaba ena: ‘Sutha mona, o ye mane,’ mme e ne e tla sutha. Ha ho letho le ka le sitang. Baasraak Sotho NT Jesu a re ho bona: Ke ka baka la ho se dumele ha lona; mme e tla tloha; mme ha ho letho le le sitang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a re ho bona: Ke ka baka la ho se dumele ha lona; mme e tla tloha; mme ha ho letho le le sitang. |
A ba beela setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwana le hlaku ya mosetareta, eo motho a e nkileng, a e sunya tshimong ya hae.
Jesu a araba, a re: Moloko o sa dumeleng, o kgopo, ke tla ba le lona ho le hokae na? Ke tla le behela pelo ho le hokae na? Mo tliseng mona ho nna.
Yaba barutuwa ba tla ho Jesu kathoko, ba re ho yena: Na re kile ra sitwa keng ho leleka motemona eo?
Yare ha ba theoha thabeng, Jesu a ba laela, a re: Pono eo le se ke la e bolella motho, Mora motho a eso ho tsohe bafung.
Jesu a araba, a re ho bona: Kannete ke a le bolella, ke re: Holane le na le tumelo, le sa belaele, le ka be le etsa, e seng se entsweng ho sefate sa feiye feela, empa leha le be le ka re ho thaba ena: Tloha, o itihele lewatleng, ho ne ho ka etsahala.
A re ho bona: Batho ba tumelo e nyenyane, le boi keng na? Yaba o ema, a kgalemela meya le lewatle; mme kgutso e kgolo ya eba teng.
Hobane kannete ke re ho lona: E mong le e mong ya ka reng ho thaba ena: Tloha, o itihele lewatleng, a sa belaele pelong ya hae, a mpa a dumela hoba tseo a di bolelang di ka etswa, o tla etsetswa tsona.
O jwaloka hlaku ya mosetareta, eo, ere ha e jalwa mobung, e leng yona e nyenyane ho dipeo tsohle tse lefatsheng.
Jesu a re ho yena: O reng ha o re, ha nka tseba ho thusa? Dumela: tsohle di ka etsetswa ya dumelang.
Morena a re: Hojane le na le tumelo e ka ka hlaku ya mosetareta, le ne le ka re ho sefate seo sa sikomora: Fothoha, o ye ho itlhoma lewatleng; mme se ne se tla le utlwa.
Jesu a re ho yena: Na ha ke a ka ka o bolella hore, ekare ha o dumela, o tla bona kganya ya Modimo na?
E mong o fuwa tumelo ke wona Moya oo; e mong o fuwa ke Moya wona oo dineo tsa ho fodisa.
Mme leha nka ba le neo ya boporofeta, kapa leha nka tseba diphiri tsohle le bohlale bohle, leha nka ba le tumelo yohle, ka ba ka falatsa le dithaba, ha ke se na lerato, ha ke letho.