Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 17:20 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Jesu a re ho bona: Ke ka baka la ho se dumele ha lona; mme e tla tloha; mme ha ho letho le le sitang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Jesu a re ho bona: Ke ka baka la ho se dumele ha lona; hobane kannete ke re ho lona: Hoja le na le tumelo e ka ka hlaku ya mosetareta, leha le be le ka re ho thaba ena: Fallela mane; e ka fallela teng, mme ho ka be ho se letho le le sitang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 A re ho bona: “Ke hobane tumelo ya lona e a fokola. Kannete ke a le bolella, ke re: Hoja le na le tumelo e kaa ka tlhaku ya mosetareta le ne le tla re ho thaba ena: ‘Sutha mona, o ye mane,’ mme e ne e tla sutha. Ha ho letho le ka le sitang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

20 Jesu a re ho bona: Ke ka baka la ho se dumele ha lona; mme e tla tloha; mme ha ho letho le le sitang.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 17:20
19 Referencias Cruzadas  

A ba bolella setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwana le tlhaku ya mosetareta, eo motho a e nkileng, a e jala tshimong ya hae.


A re: Tloo. Yare ha Petrose a theoha sekepeng, a tsamaya hodima metsi, ho ya ho Jesu.


Jesu a araba a re: “Oho moloko o sa dumeleng, o kgopo, ke tla ba le lona ho fihlela neng? ke tla le mamella ho fihlela neng? mo tlise kwano ho nna.


Jwale barutuwa ba tla ho Jesu ba le bang, ba re: “Ke hobaneng ha rona re sitilwe ho leleka motemona eo?


Eitse ha ba theoha thabeng, Jesu a ba laela, a re: Le se ke la bolella motho pono eo, Mora Motho a eso ho tsohe bafung.


Jesu a araba, a re ho bona: Kannete ke re ho lona: Ha le na le tumelo, mme le sa belaele, le ke ke la etsa se etswang sefate sa feiye feela, empa le ha le ka re ho thaba ena: Tloha! mme o dihelwe lewatleng; ho tla etsoa.


A re ho bona: Lona ba tumelo e nyenyane, le tshohile keng? Yaba o a tsoha, a kgalemela meya le lewatle; mme ha eba le kgutso e kgolo.


Jesu a araba, a re ho bona: Ebang le tumelo ho Modimo.


Kannete ke re ho lona: E mong le e mong ya ka reng ho thaba ena: Tloha, o itihele lewatleng; mme a ke ke a belaela pelong ya hae, a mpa a dumela hore tseo a di bolelang di tla etsahala; o tla fuoa seo a se buang.


O jwaloka hlaku ya mosetareta, eo ha e jadilwe lefatsheng, e leng nyenyane ho dipeo tsohle tse lefatsheng.


Jesu a re ho yena: Ha o ka dumela, tsohle di ka etsetswa ya dumelang.


Hobane ho Modimo ha ho letho le ka sitang.


Morena a re: Hoja le na le tumelo e ka ka hlaku ya mosetareta, le ne le ka re ho sefate sena sa sikane: Fotholwa, o itlhome lewatleng; ’me e lokela ho u mamela.


Mme a re: “Dilo tse di sa kgonegeng mo bathong di a kgonega mo Modimong.


Jesu a re ho yena: Na ha ke a ka ka o bolella hore, ha o dumela, o tla bona kganya ya Modimo na?


E mong tumelo ka wona Moya oo; e mong dineo tsa phodiso ka wona Moya oo;


Leha nka ba le neo ya boporofeta, mme ke utlwisisa diphiri tsohle le tsebo yohle; mme leha ke na le tumelo yohle, hoo nka tlosang dithaba, mme ke se na lerato, ha ke letho.


Kahoo rea bona hore ha baa ka ba khona ho kena ka lebaka la ho se lumele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos