Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 21:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Jesu a araba, a re ho bona: Kannete ke a le bolella, ke re: Holane le na le tumelo, le sa belaele, le ka be le etsa, e seng se entsweng ho sefate sa feiye feela, empa leha le be le ka re ho thaba ena: Tloha, o itihele lewatleng, ho ne ho ka etsahala.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Jesu a ba araba, a re: “Ruri ke a le bolella hore haeba le ena le tumelo, le sa belaele, ha le na ho etsa feela se entsweng sefateng sa feiye, empa leha le ka re ho thaba ena: ‘Sutha, o yo wela lewatleng,’ hoo ho tla etsahala,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

21 Jesu a araba, a re ho bona: Kannete ke re ho lona: Ha le na le tumelo, mme le sa belaele, le ke ke la etsa se etswang sefate sa feiye feela, empa le ha le ka re ho thaba ena: Tloha! mme o dihelwe lewatleng; ho tla etsoa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Jesu a araba, a re ho bona: Kannete ke re ho lona: Ha le na le tumelo, mme le sa belaele, le ke ke la etsa se etswang sefate sa feiye feela, empa le ha le ka re ho thaba ena: Tloha! mme o dihelwe lewatleng; ho tla etsoa.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 21:21
9 Referencias Cruzadas  

A re: Tloo! Yaba Petrose o tswa sekepaneng, a tsamaya hodima metsi, a ya ho Jesu.


Jesu a re ho bona: Ke ka baka la ho se dumele ha lona; hobane kannete ke re ho lona: Hoja le na le tumelo e ka ka hlaku ya mosetareta, leha le be le ka re ho thaba ena: Fallela mane; e ka fallela teng, mme ho ka be ho se letho le le sitang.


Barutuwa ha ba bona hoo, ba makala, ba re: Ana sefate sa feiye se omeletse jwang hanghang?


Empa bara ba mmuso ba tla lahlelwa lefifing le kantle, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.


Mme leha nka ba le neo ya boporofeta, kapa leha nka tseba diphiri tsohle le bohlale bohle, leha nka ba le tumelo yohle, ka ba ka falatsa le dithaba, ha ke se na lerato, ha ke letho.


Feela, a kope ka tumelo, a se ke a dikadika; hobane motho ya dikadikang o jwaloka leqhubu la lewatle le tsukutlwang, le akgelwang hohle ke moya.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos