Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 4:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 O jwaloka hlaku ya mosetareta, eo, ere ha e jalwa mobung, e leng yona e nyenyane ho dipeo tsohle tse lefatsheng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

31 O jwaloka tlhaku ya mosetareta, e leng e nyenyane ho feta ditlhaku tsohle ha e jalwa mobung.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

31 O jwaloka hlaku ya mosetareta, eo ha e jadilwe lefatsheng, e leng nyenyane ho dipeo tsohle tse lefatsheng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

31 O jwaloka hlaku ya mosetareta, eo ha e jadilwe lefatsheng, e leng nyenyane ho dipeo tsohle tse lefatsheng.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 4:31
30 Referencias Cruzadas  

Ka baka leo, ke tla mo fa kabelo ya hae hara ba baholo; o tla arolelana kgapo le bahale, hobane o neetse moya wa hae lefu, mme o badilwe le dihlola; o jere dibe tsa ba bangata, mme o tla rapella batlodi.


O medile pela hae jwaloka lehlomela, le jwaloka motso o tswang mobung o omeletseng. O ne a se na sebopeho, leha e le bokgabane; re mo tadimile, mme o ne a se na ponahalo eo re neng re ka kgahliswa ke yona.


E monyenyane ho bona o tla ata ho isa seketeng, ya nyatsehang a fetohe setjhaba se sengata. Nna Jehova, ke tla phakisa ke etse hoo ka nako ya teng.


hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.


Ka tsatsi leo, Jehova o tla sireletsa baahi ba Jerusalema, mme e leng ya kgoptjwang hara bona, tsatsing leo, o tla ba jwaloka Davida, ntlo ya Davida e be jwaloka Modimo, jwaloka lengeloi la Jehova kapele ho bona.


Ditjhaba tse ngata di tla kgomarela Jehova ka tsatsi leo, mme e tla ba setjhaba sa ka; ke tla dula kahare ho wena, o tle o tsebe hobane Jehova wa makgotla o nthomile ho wena.


Hobane, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, le nqalong tsohle dibano di a tjheswa, mahlabelo a hlahisetswa lebitso la ka, e leng mahlabelo a hlwekileng; hobane lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, ho bolela Jehova wa makgotla.


Hape a re: Mmuso wa Modimo re tla o bapisa le eng? Re ka o tshwantsha ka setshwantsho sefe?


Empa, ha e se e jadilwe, e hole, mme e fete meroho yohle ka boholo, e etse makala a maholo, mme dinonyana tsa lehodimo di ahe moriting wa yona.


Morena a re: Hojane le na le tumelo e ka ka hlaku ya mosetareta, le ne le ka re ho sefate seo sa sikomora: Fothoha, o ye ho itlhoma lewatleng; mme se ne se tla le utlwa.


Lentswe la Morena la nna la ata jwalo, la sebetsa ka matla.


Yaba ba amohetseng polelo ya hae ka thabo ba kolobetswa, mme barutuwa ba ekeletswa tsatsing leo ka batho ba dikete tse batlileng ho ba tharo.


Jwale, ha ba utlwa taba tseo, ba tlotlisa Morena; ba mpa ba re ho yena: Ngwaneso, o ka bona bongata ba dikete tsa Bajuda ba dumetseng; hape ba sa tjhesehela molao kaofela ha bona.


Leha ho le jwalo, ba bangata ho ba utlwileng lentswe ba dumela; ha ba balwa, ya batla e eba banna ba kete tse hlano.


Bongata jwa ba dumetseng ho Morena bo ne bo ntse bo ekeletswa ka banna le ka basadi;


Jwale, lengeloi la bosupa la letsa terompeta ya lona; mme ha utlwahala mantswe a maholo a buang lehodimong, a re: Mebuso ya lefatshe e fetohile mmuso wa Morena wa rona le wa Kreste wa hae, mme o tla busa ka ho sa feleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos