Mattheu 16:17 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a araba, a re ho yena: O lehlohonolo, Simone, mora Jona; hobane hase nama le madi a o kwaholletseng hoo, empa e le Ntate ya mahodimong. BIBELE Jesu a mo araba, a re: “O lehlohonolo, Simone mora Jona, kahobane hase motho wa nama le madi ya o senoletseng hona, empa ke Ntate ya mahodimong. Baasraak Sotho NT Jesu a araba, a re ho yena: O lehlohonolo, Simone mora Jona, hobane hase nama le madi tse o senoletseng tsona, empa ke Ntate ya mahodimong. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a araba, a re ho yena: O lehlohonolo, Simone mora Jona, hobane hase nama le madi tse o senoletseng tsona, empa ke Ntate ya mahodimong. |
empa nna ke o rapeletse hore tumelo ya hao e tle e se ke ya fela. Jwale, wena, etlere hobane o bake, o tiise banabeno.
Yena a fumana pele Simone, ngwanabo ka sebele; a re ho yena: Re bone Messia — ke ho re, Kreste, ha ho fetolwa.
Ho ngodilwe mangolong a baporofeta, ho thwe: Ba tla rutwa bohle ke Modimo. Ka baka leo, e mong le e mong ya utlwileng Ntate, ya ithutileng ho yena, o tla ho nna.
Seo ke mpang ke se bolela, banabeso, ke hoba nama le madi di ke ke tsa eja lefa la mmuso wa Modimo, mme ho bola ho ke ke ha eja lefa la ho sa boleng.
ho senolela ka ho nna Mora wa wona, ke tle ke mmolele hara baditjhaba, ha ke a ka ka botsa nama, leha e le madi;
Sephiri seo ha se a ka sa senolelwa bana ba batho melokong e fetileng, jwalokaha se tswa senolwa mehleng ena ke Moya ho baapostola ba hae ba halalelang, le ho baporofeta;
Hobane ntwa ya rona ha e lwane le nama le madi, empa e lwana le baholo, le mebuso, le marena a lefifi la lefatshe lena, le meya e bolotsana e sebakeng sa lehodimo.
Mme kahobane bana ba na le kabelo nameng le mading, le yena o ile a ba le kabelo teng jwaloka bona, hore a fedise ka lefu la hae ya nang le mmuso wa lefu, ke ho re, Diabolose,
Ke kgothatsa baholo ba ho lona, nna ke leng moholo le bona, le paki ya mahlomola a Kreste, le ya nang le kabelo kganyeng e tlang ho senolwa,
E mong le e mong ya bolelang hore Jesu ke Mora wa Modimo, Modimo o dutse ho yena, mme le yena o dutse ho Modimo.
Re a tseba hape hoba Mora Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tsebe Wa nnete; mme re ho Wa nnete, ho Mora wa wona Jesu Kreste; ke yena e leng Modimo wa nnete le bophelo bo sa feleng.