Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 2:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Mme kahobane bana ba na le kabelo nameng le mading, le yena o ile a ba le kabelo teng jwaloka bona, hore a fedise ka lefu la hae ya nang le mmuso wa lefu, ke ho re, Diabolose,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Erekaha bana bao e le batho ba nama le madi ka ho tshwana le yena, o tshwana le bona ka nama le madi, e le hore ka lefu la hae a tle a ripitle ya nang le matla hodima lefu, e leng Diabolosi.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 Ka baka leo, erekaha bana ba na le kabelo mading le nama, le yena ka ho tshwanang o na le kabelo ho tsona; e le hore ka lefu a ka timetsa ea neng a e-na le matla a lefu, ke hore, Diabolose;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Ka baka leo, erekaha bana ba na le kabelo mading le nama, le yena ka ho tshwanang o na le kabelo ho tsona; e le hore ka lefu a ka timetsa ea neng a e-na le matla a lefu, ke hore, Diabolose;

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 2:14
32 Referencias Cruzadas  

Ke tla bea hloyano mahareng a hao le mosadi, le mahareng a peo ya hao le peo ya hae; peo eo e tla o kgoba hlooho, mme o tla e loma serethe.


O tla fedisa lefu ka ho sa yeng kae; Morena Jehova o tla fedisa meokgo difahlehong tsohle, a fedise sekgobo sa setjhaba sa hae lefatsheng lohle, hobane Jehova o boletse.


Ka baka leo, ke tla mo fa kabelo ya hae hara ba baholo; o tla arolelana kgapo le bahale, hobane o neetse moya wa hae lefu, mme o badilwe le dihlola; o jere dibe tsa ba bangata, mme o tla rapella batlodi.


Ka baka leo, Morena o tla le fa pontsho, e le yena: Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emmanuele (Modimo o na le rona).


Na ke tla ba lopolla matleng a nqalo ya bafu, ke ba namolele lefung? Wena lefu, mahloko a hao a kae? Wena nqalo ya bafu, tshenyeho ya hao e kae? Ha ke bone kamoo nka fetohang tabeng eo kateng.


Jesu a araba, a re ho yena: O lehlohonolo, Simone, mora Jona; hobane hase nama le madi a o kwaholletseng hoo, empa e le Ntate ya mahodimong.


Jwale, o tla re ho ba ka letsohong la hae le letshehadi: Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolose le mangeloi a hae.


Lentswe le ne le etswe nama, mme la aha hara rona le tletse mohau le nnete, mme re bohile kganya ya lona, e kang kganya ya Mora a nnotshi ya tswang ho Ntate.


Kannetenete ke re ho lona: Ekare ha hlaku ya mabele, e wetseng mobung, e sa shwe, e tla dula e nnotshi; empa ha e eshwa, e hlahisa dijo tse ngata.


Hobane ha Kreste a shwele, a ba a tsoha, a boela a phela, ke ho re, e be yena ya busang bafu le ba phelang.


Hobane se neng se sita molao, ke ho fokodiswa ke nama, Modimo o se entse ha o romile Mora wa wona ka nama e tshwanang le ya baetsadibe, le ka baka la sebe, mme o tswile sebe nameng;


Hape, Modimo o ikgethetse mafeela a lefatshe, le tse songwang, le tse leng siyo, o tle o tsietse tse leng teng,


Seo ke mpang ke se bolela, banabeso, ke hoba nama le madi di ke ke tsa eja lefa la mmuso wa Modimo, mme ho bola ho ke ke ha eja lefa la ho sa boleng.


Empa nako ha di phethehile, Modimo o romile Mora wona, ya tswetsweng ke mosadi, a hlahetse pusong ya molao,


Wa hlobodisa le marena le mebuso, wa e pepesa pontsheng ha Jesu a se a o hlotse sefapanong seo.


Mme ruri sephiri sa borapedi se seholo: o bonahetse nameng, o lokiseditswe ke Moya, o bonwe ke mangeloi, o boletswe hara ditjhaba, o dumetswe lefatsheng, o phahamiseditswe kganyeng.


mme jwale, o tswa pepeswa ka ho hlaha ha Mmoloki wa rona Jesu Kreste, ya fedisitseng lefu, a bea bophelo le ho se shwe leseding ka Evangeli,


Ke ka yona thato eo re halaleditsweng ka sehlabelo sa mmele wa Jesu Kreste se entsweng hang.


Ka baka leo, mohla a tla tla lefatsheng, o itse: Ha o a ka wa rata sehlabelo, leha e le nyehelo, empa o ntokiseditse mmele.


Ka baka leo, ho ne ho tshwanetse hobane a ka etswa ya tshwanang kahohle le banababo, e tle e be moprista e moholo ya mohau, ya tshepehang ditabeng tsa Modimo, a tle a etsetse dibe tsa setjhaba pheko.


Hobane erekaha a utlwile bohloko mohla a lekwang, ke kahoo a tsebang ho thusa ba lekwang.


Hobane moprista e moholo eo re nang le yena, hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona; hobane o lekilwe nthong tsohle jwaloka rona, empa ha a ka a etsa sebe.


Ke ka baka leo Kreste e leng mmuelli wa selekane se setjha, hore lefu la hae ha le kenetse ho hlatswa ditlolo tse entsweng mehleng ya selekane sa pele, ba bitsitsweng ba fuwe lefa le sa feleng leo ba le baletsweng.


ya neng a rerwe lefatshe le eso ho thewe, a ntoo bonahatswa mehleng ya qetello ka baka la lona,


Ke na be ke shwele, mme bona! ke phela kamehla le mehla. Amen! Ke na le dinotlolo tsa nqalo ya bafu le tsa lefu.


Mme drakone e kgolo, e leng noha ya kgale, e bitswang Diabolose le Satane, e thetsang lefatshe kaofela, ya dihelwa; ya lahlelwa ntle, ya dihelwa lefatsheng, le mangeloi a yona.


O se ke wa tshaba letho la tseo o tlang ho tshwenngwa ka tsona. Bona, Diabolose o se a ya kenya ba bang ho lona teronkong, hore le lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho a matsatsi a leshome. O tiye ho isa lefung, mme ke tla o fa moqhaka wa bophelo.


La tshwara drakone, noha ya kgale, e leng Diabolose le Satane, mme la e holehela dilemo tse sekete.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos