Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 2:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Hape o re: Ke tla mo tshepa. Hapehape o re: Bona, ke nna enwa le bana bao Modimo o nneileng bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Hape a re: “Ke tla bea tshepo ya ka ho Morena.” A buela a re: “Ke nna enwa le bana bao Modimo a mphileng bona.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 Hape, ke tla bea tshepo ya ka ho yena. Hape, Bonang, nna le bana bao Modimo o nneileng bona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Hape, ke tla bea tshepo ya ka ho yena. Hape, Bonang, nna le bana bao Modimo o nneileng bona.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 2:13
16 Referencias Cruzadas  

A lelatsa mahlo a hae, a bona basadi le bana, a re: Ke bomang bao o nang le bona? A re: Ke bana bao Modimo o ba neileng mohlanka wa hao.


Josefa a re ho ntatae: Ke bara ba ka, bao Modimo o nneileng bona kwano. Yaba o re: Ako ba tlise ho nna, ke ba hlohonolofatse.


Modimo ke lefika la ka leo ke tshabelang ho lona; ke thebe ya ka, lenaka la poloko ya ka, qhobosheane e phahameng ya ka, le setshabelo sa ka, Mopholosi wa ka ya nnamoletseng bothateng!


Bonang, bara ke lefa la Jehova, mme tholwana ya popelo ya mosadi ke moputso.


Oho Modimo, o mpoloke, hobane ke tshabela ho wena.


wena Jehova, lefika la ka, qhobosheane ya ka, monamoledi wa ka, Modimo wa ka, lefika la ka leo ke tshabelang ho lona, thebe ya ka, lenaka la poloko ya ka, le qhobosheane e phahameng ya ka!


Ke re ho Jehova: O setshabelo sa ka le qhobosheane ya ka, Modimo wa ka oo ke o tshepang!


Bonang, Modimo ke poloko ya ka, ke na le tshepo, nke ke ka tshaba letho; hobane Jehova, Jehova ke matla a ka le sefela sa ka; o ikentse Mmoloki wa ka.


Modimo o ratile ho mo roba le ho mmea tlokotsing; empa etlare hobane a bee ho phela ha hae hore e be sehlabelo bakeng sa dibe, o tla bona bana, a eketse matsatsi a hae, morero wa Jehova o atlehe matsohong a hae.


O tshepile Modimo; a o mo lwele jwale, ha o mo rata; hobane o itse: Ke Mora Modimo.


Ntate ya nneileng tsona o moholo ho bohle; mme ha ho motho ya ka di utlang letsohong la Ntate.


Hobane leha le be le ka ba le baruti ba dikete tse leshome ho Kreste, ha le na bontata lona ba bangata; hobane ke nna ya le tswetseng ho Jesu Kreste ka Evangeli.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos