Yare ka tsatsi la boraro, tsatsi la ho tswalwa ha Faro, a etsetsa bahlanka ba hae bohle mokete; yaba o emisa hlooho ya molaodi wa baqhatsetsi, le hlooho ya molaodi wa baapehedi hara bahlanka ba hae;
Mattheu 14:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa moketeng wa tsatsi la tswalo ya Heroda, moradi wa Herodiase a etsa tjhao pontsheng eo bohle, a kgahlisa Heroda. BIBELE Mohla mokete wa kgopotso ya tswalo ya Heroda, moradi wa Herodiase a etsa motjeko pontsheng ho bona, mme a kgahlisa Heroda; Baasraak Sotho NT Empa ha ho ketekwa letsatsi la tswalo ya Heroda, moradi wa Herodiase a tjeka pela bona, a kgahlisa Heroda. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ha ho ketekwa letsatsi la tswalo ya Heroda, moradi wa Herodiase a tjeka pela bona, a kgahlisa Heroda. |
Yare ka tsatsi la boraro, tsatsi la ho tswalwa ha Faro, a etsetsa bahlanka ba hae bohle mokete; yaba o emisa hlooho ya molaodi wa baqhatsetsi, le hlooho ya molaodi wa baapehedi hara bahlanka ba hae;
Morena a etsetsa mahosana a hae wohle le bahlanka ba hae mokete o moholo, e leng mokete wa Esthere, a fokotsa lekgetho la dinaha, mme a aba dimpho kamoo morena a ka fanang kateng.
Efela Heroda o ne a ile a tshwara Johanne, a mo tlama, a mo kenya teronkong, ka baka la Herodiase, mosadi wa Filippi moenae.
Yaba o mo hlapanyetsa ka kano, a re, o tla mo nea ntho eo a ka e qelang, leha e ka ba eng le eng.
ba re: Moruti, Moshe o itse: Monna ha a eshwa, a se na bana, ngwanabo o tla nka mosadi wa hae, a hlahisetse ngwanabo bana.
Morena Heroda ha a utlwa taba tseo, — hobane lebitso la Jesu le ne le tumile haholo, — a re: Ke Johanne Mokolobetsi; o tsohile bafung; ke ka baka leo matla ao a sebetsang ka ho yena.
Hobane Heroda eo o ne a rometse batho ho tshwara Johanne, mme o ne a mo tlamile teronkong, ka baka la Herodiase, mosadi wa Filipi, ngwanabo; hobane a ne a mo nyetse.
Jesu a ba laya, a re: Iponeleng, le tshabe ditomoso tsa bafarisi le ditomoso tsa Heroda.
Ka tsatsi lona leo, ha tla bafarisi ba bang ho yena, ba re ho yena: Tloha mona, o ikele, hobane Heroda o rata ho o bolaya.
Mme Heroda a mo nyedisa a ena le bahlabani ba hae, a mo soma; mme eitse hobane a mo apese kobo e ntlentle, a mo kgutlisetsa ho Pilato.
Eitse ha a utlwile hoba ke wa mmuso wa Heroda, a mo romela ho Heroda, ya neng a le Jerusalema mehleng eo le yena.
Ka lemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Tibere Sesare, ha Ponse Pilato e le mmusisi wa Judea, Heroda yena e le moteterareke wa Galelea, Filipi, ngwanabo, e le moteterareke wa Iturea le wa naha ya Trakonita, Lisaniase e le moteterareke wa Abilene;
Empa, eitse hoba Heroda moteterareke a kgalemelwe ke Johanne, bakeng sa Herodiase, mosadi wa Filipi, ngwanabo, le bakeng sa tsohle tse mpe tseo a neng a di entse,
le Johanna, mosadi wa Khusa, qhoku ya Heroda, le Susanna, le ba bang ba bangata ba neng ba sebeletsa Jesu ka tseo ba nang le tsona.
Hobane efela Heroda, le Ponse Pilato, le baditjhaba, le meloko ya Iseraele e kopane hammoho ho lwantsha Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng;