Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 14:6 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Empa ha ho ketekwa letsatsi la tswalo ya Heroda, moradi wa Herodiase a tjeka pela bona, a kgahlisa Heroda.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Empa moketeng wa tsatsi la tswalo ya Heroda, moradi wa Herodiase a etsa tjhao pontsheng eo bohle, a kgahlisa Heroda.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Mohla mokete wa kgopotso ya tswalo ya Heroda, moradi wa Herodiase a etsa motjeko pontsheng ho bona, mme a kgahlisa Heroda;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Empa ha ho ketekwa letsatsi la tswalo ya Heroda, moradi wa Herodiase a tjeka pela bona, a kgahlisa Heroda.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 14:6
21 Referencias Cruzadas  

Hobane Heroda o ne a ile a tshwara Johanne, a mo tlama, a mo kenya teronkong, ka baka la Herodiase, mosadi wa Filipi, ngwanabo.


Yaba o tshepisa ka kano hore o tla mo nea eng kapa eng eo a tla e kopa.


ba re: Moruti, Moshe o itse: Ekare ha monna a eshwa a se na bana, ngwanabo o tla nka mosadi wa hae, a hlahisetse ngwanabo bana.


Morena Heroda a utlwa taba tsa hae; (hobane lebitso la hae le ne le tumile) mme a re: Johanne Mokolobetsi o tsohile bafung, mme ke ka baka leo mesebetsi e matla e bonahalang ho yena.


Hobane Heroda ka boeena o ne a romile hore a tshware Johanne, mme a mo tlama tjhankaneng ka baka la Herodiase, mosadi wa Filipi ngwanabo, kaha o ne a mo nyetse.


Ka baka leo, Herodiase a mo soma, a rata ho mmolaya; empa a sitwa:


A ba laela, a re: Iponeleng, le tshabe ditomoso tsa Bafarisi le ditomoso tsa Heroda.


Ka lona letsatsi leo, ha tla bafarisi ba bang, ba re ho yena: Tloha, o tlohe mona, hobane Heroda o batla ho o bolaya.


Yaba Heroda le bahlabani ba hae ba mo nyedisa, ba mo soma, ba mo apesa seaparo se setle, mme ba mo kgutlisetsa ho Pilato.


Yare ha a tseba hore ke wa mmuso wa Heroda, a mo romela ho Heroda, eo le yena a neng a le Jerusalema mehleng eo.


Ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Sesare Tiberiuse, Ponse Pilato e le mmusisi wa Judea, Heroda e le moteterareke wa Galelea, Filipi ngwanabo e le moteterareke wa Iturea le wa Terakonite, Lysaniase e le moteterareke wa Abilene,


Empa Heroda, mmusi wa setereke, a kgalemelwa ke yena ka baka la Herodiase, mosadi wa Filipi, ngwanabo, le ka baka la tsohle tse mpe tseo Heroda a di entseng.


Le Johanna, mosadi wa Kusa, qhoku ya Heroda, le Susanna, le ba bang ba bangata, ba neng ba mo sebeletsa ka maruo a bona.


Eitse ka nako eo, morena Heroda a otlolla matsoho a hae ho hlorisa ba bang ba kereke.


Hobane kannete Heroda, le Ponse Pilato, le baditjhaba, le setjhaba sa Iseraele, ba bokanetse Jesu, Mora wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos