Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 2:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Morena a etsetsa mahosana a hae wohle le bahlanka ba hae mokete o moholo, e leng mokete wa Esthere, a fokotsa lekgetho la dinaha, mme a aba dimpho kamoo morena a ka fanang kateng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Kgosi ya etsetsa mahosana a yona le bahlanka ba yona mokete o moholo, e leng mokete wa Esetere. Kgosi ya laela hore letsatsi leo e be la phomolo dinaheng tsa yona; ya fana le ka dimpho tse lokelang boemo ba kgosi.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 2:18
14 Referencias Cruzadas  

Yaba Labane o lalletsa batho ba teng kaofela, a etsa mokete.


Kahoo, Balevi ba kgutsisa setjhaba kaofela, ba re: Tholang, hobane tsatsi lena ke le kgethehileng; le se ke la itlhomodisa.


Ha nwelwa mehopeng ya kgauta, mehopeng e mefutafuta, veine ya morena e le ngata kamoo morena a ratileng ho fana kateng.


ka ho re, ke ka matsatsi ao Bajuda ba boneng phomolo ho dira tsa bona, hape ke ka kgwedi eo maswabi a bona a fetohileng thabo, le bofifi ba bona bo fetohileng mokete; ha thwe, ba a etse matsatsi a mokete le a thabo ao ho romelanwang dimpho, ao hape ho phomosetswang mafutsana ka wona.


Tswang, lona baradi ba Sione, le bone, mme le bohe morena Salomone ka moqhaka oo mmae a neng a mo rwese wona mohla lenyalo la hae, ka letsatsi la thabo ya pelo ya hae.


Ke tlile serapeng sa ka, ngwaneso, molebeletswa wa ka, ke ikgoletse mirra ya ka le nonetso ya ka, ka ja kgekge ya dinotshi tsa ka, ka nwa veine ya ka le lebese la ka ... Oho metswalle, jang, le nwe, le tahwe lerato.


Mmuso wa mahodimo o tshwana le morena ya neng a etsetse mora wa hae mokete wa bohadi.


Empa ka tsatsi le loketseng, leo Heroda a etsetsang mahosana a hae, le balaodi ba sekete, le baholo ba Galelea, mokete wa tswalo ya hae,


Enore ha motho a o bileditse bohading, o se ke wa dula tulong e kapele, esere mohlomong e mong ya o fetisang ka ho hlomphuwa a ka tshoha a bitsitswe le yena ke monga dijo;


Mme ba ahileng lefatsheng ba tla thabela lefu la tsona, ba nyakalle, ba be ba isetsane dimpho, kahobane baporofeta ba babedi bao ba ne ba kgathaditse ba ahileng lefatsheng.


Yaba lengeloi le re ho nna: Ngola: Ho lehlohonolo ba bileditsweng mokete wa lenyalo la Konyana! La ntoo re ho nna: Tseo ke dipolelo tsa sebele tsa Modimo.


Leha o ka botsa bahlanka ba hao, ba tla o bolella. Ha ho le jwalo, bahlankana bao ba ka ba ke ba bone mohau ho wena, hobane re hlahetswe ke tsatsi le letle; ke a o kopa, ke re, o nee bahlanka ba hao le mora hao Davida seo o tla iphihlela o ena le sona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos