Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Esthere 2:18 - BIBELE

18 Kgosi ya etsetsa mahosana a yona le bahlanka ba yona mokete o moholo, e leng mokete wa Esetere. Kgosi ya laela hore letsatsi leo e be la phomolo dinaheng tsa yona; ya fana le ka dimpho tse lokelang boemo ba kgosi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Morena a etsetsa mahosana a hae wohle le bahlanka ba hae mokete o moholo, e leng mokete wa Esthere, a fokotsa lekgetho la dinaha, mme a aba dimpho kamoo morena a ka fanang kateng.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 2:18
14 Referencias Cruzadas  

Yaba Labane o mema banna bohle ba sebaka seo, o etsa mokete wa lenyalo.


Balevi ba kgutsisa setjhaba sohle, ba re: “Kgutsang, le se ke la hlomoha, hobane letsatsi lena lea halalela.”


Ba ba qhatsetsa dino ka dinwelong tsa mefutafuta tsa kgauta le tsa silefera. Veine ya kgosi e ne e le ngata haholo, ho ya kamoo kgosi e neng e fana kateng.


ba hopole matsatsi ao e le matsatsi ao Bajuda ba ileng ba phomola ho dira tsa bona ka wona. Ba hopole kgwedi eo e le kgwedi eo ka yona mahlomola a Bajuda a ileng a fetoha thabo, le dillo tsa bona di ileng tsa fetoha mokete wa thabo. Matsatsi ao ba a hopole e le matsatsi a mokete le a thabo. Ka matsatsi ao ba abelane dimpho, ba be ba di abele le mafutsana.


Tswang ka matlung, lona baradi ba Sione, tswang le bone kgosi Solomone o rwetse moqhaka, moqhaka a o rwesitswe ke mmae mohla lenyalo, mohla thabo e kgaphatsehang pelong ya Solomone.


Ke tlile rapeng sa ka, wena kgaitsedi, monyaduwa wa ka, ke ikgeletse mmira, mmoho le dinoko tsa ka; ke jele mahe a dinotshi, mmoho le kgekge ya wona, ke nwele veine ya ka le lona lebese la ka. Jang, le nwe, lona metswalle, le nwe haholo, lona baratuwa!


“Mmuso wa lehodimo o jwaloka kgosi e neng e etseditse mora wa yona mokete wa lenyalo.


Nako e lokelang ya fihla, ha Heroda a etsetsa matona a hae, le balaodi ba hae ba mabotho, le batho ba ka sehloohong ba Galelea mokete wa kgopotso ya tswalo ya hae.


“Ha o memilwe ke motho moketeng wa lenyalo, o se ke wa dula ditulong tse kapele, esebe e mong ya o fetang ka ho hlompheha le yena o memilwe,


Baahi ba lefatshe ba tla di tlaka, ba thabe, ba romellane dimpho, hobane baporofeta bao ba babedi ba ne ba ile ba ba tshwenya haholo.


Yaba lengeloi le re ho nna: “Ngola. Ho lehlohonolo ba memetsweng moketeng wa dijo wa lenyalo la Konyana.” La nto re: “Tsena ke dipolelo tsa Modimo tsa sebele.”


Botsa bahlankana bao ba hao, mme ba tla o bolella. Ka baka lena, ako hauhele bahlankana bana, hobane re tlile ka letsatsi la mokete. Ke a o rapela: Ako ba fe eng kapa eng eo o nang le yona, o be o fe le mora wa hao Davida.’ ”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos