Johanne ha a le teronkong, a utlwa mesebetsi ya Kreste; yaba o romela barutuwa ba hae ba babedi ho Jesu,
Mattheu 14:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Efela Heroda o ne a ile a tshwara Johanne, a mo tlama, a mo kenya teronkong, ka baka la Herodiase, mosadi wa Filippi moenae. BIBELE Heroda o ne a ile a tshwara Johanne, a mo tlama, mme a mo kenya tjhankaneng ka baka la Herodiase, mohatsa moena hae Filipi. Baasraak Sotho NT Hobane Heroda o ne a ile a tshwara Johanne, a mo tlama, a mo kenya teronkong, ka baka la Herodiase, mosadi wa Filipi, ngwanabo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane Heroda o ne a ile a tshwara Johanne, a mo tlama, a mo kenya teronkong, ka baka la Herodiase, mosadi wa Filipi, ngwanabo. |
Johanne ha a le teronkong, a utlwa mesebetsi ya Kreste; yaba o romela barutuwa ba hae ba babedi ho Jesu,
Empa moketeng wa tsatsi la tswalo ya Heroda, moradi wa Herodiase a etsa tjhao pontsheng eo bohle, a kgahlisa Heroda.
Morena Heroda ha a utlwa taba tseo, — hobane lebitso la Jesu le ne le tumile haholo, — a re: Ke Johanne Mokolobetsi; o tsohile bafung; ke ka baka leo matla ao a sebetsang ka ho yena.
Hobane Heroda eo o ne a rometse batho ho tshwara Johanne, mme o ne a mo tlamile teronkong, ka baka la Herodiase, mosadi wa Filipi, ngwanabo; hobane a ne a mo nyetse.
moradi wa Herodiase eo a kena, a etsa tjhao, a kgahlisa Heroda le ba dutseng dijong le yena. Morena a re ho morwetsana: Kopa ntho eo o e ratang, ke tla o fa yona.
Jesu a ba laya, a re: Iponeleng, le tshabe ditomoso tsa bafarisi le ditomoso tsa Heroda.
Mehleng yona eo, ba bang ba ne ba le teng ba mo phetelang tsa Bagalelea bano, bao madi a bona a neng a kopantswe ke Pilato le mahlabelo a bona.
Ka tsatsi lona leo, ha tla bafarisi ba bang ho yena, ba re ho yena: Tloha mona, o ikele, hobane Heroda o rata ho o bolaya.
Mme Heroda a mo nyedisa a ena le bahlabani ba hae, a mo soma; mme eitse hobane a mo apese kobo e ntlentle, a mo kgutlisetsa ho Pilato.
Eitse ha a utlwile hoba ke wa mmuso wa Heroda, a mo romela ho Heroda, ya neng a le Jerusalema mehleng eo le yena.
Ka lemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Tibere Sesare, ha Ponse Pilato e le mmusisi wa Judea, Heroda yena e le moteterareke wa Galelea, Filipi, ngwanabo, e le moteterareke wa Iturea le wa naha ya Trakonita, Lisaniase e le moteterareke wa Abilene;
le Johanna, mosadi wa Khusa, qhoku ya Heroda, le Susanna, le ba bang ba bangata ba neng ba sebeletsa Jesu ka tseo ba nang le tsona.
Hobane efela Heroda, le Ponse Pilato, le baditjhaba, le meloko ya Iseraele e kopane hammoho ho lwantsha Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng;