Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 14:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Hobane Johanne o ne a itse ho yena: Ha ho a lokela hoba o be le yena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Johanne o ne a ile a re ho Heroda: “Ha ho dumellehe hore o mo nyale.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Johanne o ne a re ho yena: Ha o a dumellwa hore o be le yena.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Johanne o ne a re ho yena: Ha o a dumellwa hore o be le yena.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 14:4
12 Referencias Cruzadas  

Nathane a re ho Davida: Motho eo ke wena! Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Nkile ka o tlotsa hore o be morena wa Iseraele, ke bile ke o namoletse matsohong a Saule.


Ere ho yena: Jehova o re: Na o fela o bolaile, o bile o nkile na? Eketsa o re ho yena: Jehova o re: Moo dintja di nyekileng madi a Nabothe, dintja di tla nyeka le a hao madi.


Motho e mobe o a balehe, leha a sa phallelwe, empa ba lokileng ba iketlile jwaloka tau e ntjha.


Ba sa reng letho ka molao ba rorisa ba babe; empa ba o bolokang ba ba lwantsha.


Eyang molaong le bopaking; ekareha ho sa uwe ka lentswe lena, etlaba setjhaba ha se sa tla tjhabelwa ke tsatsi le leng.


Moporofeta Jeremia a bolella Tsedekia, morena wa Juda, mantswe ao kaofela Jerusalema.


O se ke wa apola bofeela ba mohatsa ngwaneno, ke bofeela ba ngwaneno.


Ekare ha e mong a nka mosadi wa ngwanabo, ke ntho e sa lokang, o apotse bofeela ba ngwanabo; ba tla hloka bana.


Athe Johanne o ne a itse ho Heroda: Ha ho lokele hoba o be le mosadi wa ngwaneno.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos