Empa fale Modimo o fela o ka aha le motho lefatsheng na? Bona, esita mahodimo, le mahodimo a mahodimo a ke ke a o lekana; haholo ntlo ena eo ke e hahileng!
Mattheu 12:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mme ke re ho lona: Ho teng mona ho hoholo ho tempele. BIBELE Ke a le bolella, mona ho teng ho fetang Tempele ka boholo. Baasraak Sotho NT Empa ke re ho lona: E mong o teng mona ka boholo ho feta tempele. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ke re ho lona: E mong o teng mona ka boholo ho feta tempele. |
Empa fale Modimo o fela o ka aha le motho lefatsheng na? Bona, esita mahodimo, le mahodimo a mahodimo a ke ke a o lekana; haholo ntlo ena eo ke e hahileng!
Lehodimo ke terone ya ka, mme lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka: ho rialo Jehova. E kae ntlo eo le ka nkgahelang yona? E kae nqalo eo nka phomolang ho yona?
Tseo tsohle di entswe ke letsoho la ka; tsohle tseo di bile teng ka nna: ho bolela Jehova. Empa eo ke tla mo tadima ke ya hlomohileng, ya robehileng pelo, le ya thothometswang ke lentswe la ka.
Bonang, ke a roma lenqosa la ka, le tle le hleke tsela pela ka; mme hang, Morena eo le mmatlang o tla kena tempeleng ya hae, e leng lengeloi la selekane leo le le lakatsang. Bonang, o a tla, ho bolela Jehova wa makgotla.
Kapa ha le a ka la bala molaong hobane, ka matsatsi a Sabatha, baprista ba tlola molao wa Sabatha tempeleng, mme ha ba na molato?