Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 66:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Lehodimo ke terone ya ka, mme lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka: ho rialo Jehova. E kae ntlo eo le ka nkgahelang yona? E kae nqalo eo nka phomolang ho yona?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Morena o bua tjena: “Lehodimo ke terone ya ka, lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka. E kae ntlo eo ba nkgahelang yona? Se kae sebaka seo ke tla phomola ho sona?

Ver Capítulo Copiar




Isaia 66:1
20 Referencias Cruzadas  

Empa fale Modimo o fela o ka aha lefatsheng na? Bona, esita le mahodimo le mahodimo a mahodimo a ke ke a o kopa; haholo ntlo ena eo ke e hahileng!


Morena Davida a ema ka maoto, a re: Banabeso le setjhaba sa ka, mmameleng. Kgopolo ya pelo ya ka e ne e le hore ke hahele areka ya selekane sa Jehova ntlo ya phomolo, e tle e be bonamelo ba maoto a Modimo wa rona; ke ne ke se ke qadile ho lokisa tse tla haha.


Ntlo eo ke tla e haha, e tla ba kgolo, etswe Modimo wa rona o moholo ho medimo yohle.


Empa fale Modimo o fela o ka aha le motho lefatsheng na? Bona, esita mahodimo, le mahodimo a mahodimo a ke ke a o lekana; haholo ntlo ena eo ke e hahileng!


Jehova o sehalalelong sa hae, Jehova o na le terone ya hae mahodimong; mahlo a hae a bona, dintshi tsa hae di leka bana ba batho.


A re keneng tabernakeleng ya hae, a re kgumameng pela bonamelo ba maoto a hae!


Rorisang Jehova, Modimo wa rona, le kgumame thabeng ya hae e halalelang; hobane Jehova, Modimo wa rona, o a halalela!


Hobane ho itswe ke Mookamedi ya hodimodimo, eo bodulo ba hae e leng bo sa feleng, ya bitswang Mohalaledi: Ke ahile nqalong e phahameng, e halalelang; hape, ke ahile le ya tepeletseng, le motho ya robehileng pelo, ke tle ke pholose meya ya batho ba robehileng dipelo, ke phedise meya ya ba tepeletseng.


Bokgabane ba Lebanone bo tla tla ho wena; le kiprese le pine le fire hammoho, ho tle ho kgabiswe ka tsona nqalo ya sehalalelo sa ka, mme nqalo ya maoto a ka e etswe e kganyang.


Na motho a ka ya a pateha sephiring, hore ke se ke ka mmona, ho bolela Jehova? Ha ke re, mahodimo le lefatshe a tletse nna, ho bolela Jehova?


Hobane, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, le nqalong tsohle dibano di a tjheswa, mahlabelo a hlahisetswa lebitso la ka, e leng mahlabelo a hlwekileng; hobane lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, ho bolela Jehova wa makgotla.


Mme ke re ho lona: Ho teng mona ho hoholo ho tempele.


Empa Jesu a re: Le a di bona ntho tseo tsohle? Kannete ke re ho lona: Ha ho ka ke ha leswa teng lejwe hodima lejwe le leng, le sa heletswang.


Modimo o entseng lefatshe le tsohle tse ho lona, e leng yena Morena wa lehodimo le wa lefatshe, o ke ke wa aha ditempeleng tse entsweng ka matsoho;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos