Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Malakia 3:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Bonang, ke a roma lenqosa la ka, le tle le hleke tsela pela ka; mme hang, Morena eo le mmatlang o tla kena tempeleng ya hae, e leng lengeloi la selekane leo le le lakatsang. Bonang, o a tla, ho bolela Jehova wa makgotla.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 “Bona, ke tla romela leqosa la ka ho ntokisetsa tsela. Morena eo le mmatlang o tla kena ka Tempeleng ya hae a sa lebellwa. Moromuwa eo le mo lebeletseng o a tla, a phatlalatse selekane sa ka,” ho rialo Morena wa mabotho.

Ver Capítulo Copiar




Malakia 3:1
38 Referencias Cruzadas  

Jehova o itse ho Morena wa ka: Dula letsohong la ka le letona, ke tle ke be ke bee bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao.


Bona, ke roma lengeloi la ka, hore le o etelle pele, le tle le o boloke tseleng, le o ise nqalong eo ke e lokisitseng.


O ke o itise ka baka la lona, o mamele lentswe la lona. O se ke wa ikgantshetsa lona, hobane le ke ke la o tshwarela boikgantsho ba hao, etswe lebitso la ka le le ho lona.


Bonang, Morena Jehova o tla ka matla; letsoho la hae le a busa; bonang, o ya tla le moputso wa hae, le yona phetetso ya hae e mo eteletse pele.


Ditsietsing tsohle tsa bona a ba tsietsing le bona, lengeloi la sefahleho sa hae la ba pholosa; o ba lopolotse ka lerato le ka mohau wa hae, a ba tiisa, a ba jara mehleng yohle ya boholoholo.


Ka baka leo, Morena o tla le fa pontsho, e le yena: Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emmanuele (Modimo o na le rona).


Hobane re tswaletswe ngwana, re neilwe mora; borena bo beilwe lehetleng la hae, mme o tla bitswa Moeletsi ya makatsang, Modimo o matla, Rabosafeleng, Morena wa kgotso;


Haggai, lenqosa la Jehova, a bua le setjhaba ka taelo ya Jehova, a re: Ke na le lona, ho bolela Jehova.


Mme le tla tseba hobane ke rometse taelo eo ho lona, hore ho tiye selekane sa ka le Levi, ho bolela Jehova wa makgotla.


Hobane melomo ya moprista e tshwanetse ho boloka tsebo, molao o tle o batlwe molomong wa hae, hobane ke lenqosa la Jehova wa makgotla.


Bonang, ke ya le romela moporofeta Elia, ho eso ho tle letsatsi la Jehova, le leholo, le tshabehang.


Mme ha le rata ho amohela polelo ya ka, ke yena Elia ya neng a tshwanetse ho tla.


Haele wena, lesea, o tla bitswa moporofeta wa Ya hodimodimo; hobane o tla etella sefahleho sa Morena pele, ho lokisa ditsela tsa hae,


O ne a ruta tempeleng ka matsatsi wohle; mme baprista ba baholo, le bangodi, le baholo ba setjhaba, ba ne ba rata ho mo timetsa.


ke ho re, kajeno, le tswaletswe Mmoloki, motseng wa Davida; ke Kreste, Morena.


Le yena a hlaha nakong yona eo, a boka Morena, mme a bolela tsa Jesu ho bohle ba lebeletseng topollo Jerusalema.


Kamora matsatsi a mararo, ba mo fumana tempeleng, a dutse hara baruti, a ba mamela, a ba botsa.


Pauluse a re: Efela Johanne o kolobeditse ka kolobetso ya pako, a bolella batho hore ba dumele ho ya tlang kamora hae, e leng Jesu Kreste.


Ke yena ya kileng a ba phuthehong feelleng, hammoho le lengeloi le neng le bua le yena thabeng ya Sinai le bontata rona moholo; ke yena ya nkileng ditaba tsa bophelo ho re nea tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos