Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaKolose 2:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Hobane botlalo kaofela ba bomodimo bo ahile ho yena ka mmele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Bomodimo bohle, ka ho tlala ha bona, bo ahile ho yena, bothong ba hae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Hobane botlalo bohle ba Bomodimo bo ahile ho yena ka nama.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Hobane botlalo bohle ba Bomodimo bo ahile ho yena ka nama.

Ver Capítulo Copiar




BaKolose 2:9
20 Referencias Cruzadas  

Ka baka leo, Morena o tla le fa pontsho, e le yena: Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emmanuele (Modimo o na le rona).


Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme lebitso la hae o tla bitswa Emmanuele, ke ho re, ha ho fetolwa, Modimo o na le rona.


Mohlanka a re: Morena, ho se ho entswe kamoo o laetseng kateng, empa sebaka se sa le teng.


mme Moya o Halalelang wa theohela hodima hae ka sebopeho se bonahalang se jwaloka sa leeba; mme lentswe la tswa lehodimong, la re: O Mora ka ya ratwang; ke kgahliswa ke wena.


Lentswe le ne le etswe nama, mme la aha hara rona le tletse mohau le nnete, mme re bohile kganya ya lona, e kang kganya ya Mora a nnotshi ya tswang ho Ntate.


Mme re amohetse bohle mohau hodima mohau, ho tletseng ho yena.


Nna le Ntate, re bang feela.


empa ekare ha ke e etsa, mme le sa dumele ho nna, dumelang mesebetsi, hore le tle le tsebe, mme le dumele hobane Ntate o ka ho nna, le nna ke ka ho yena.


Ka tsatsi leo, le tla tseba hobane nna ke ho Ntate, le lona le ho nna, le nna ke ho lona.


bohle ba tle ba be bang, jwalokaha wena, Ntate, o le ho nna, le nna ke le ho wena; le bona ba be bang ho rona, hore lefatshe le tle le dumele hoba o nthomile.


Athe yena o ne a bolela tempele ya mmele wa hae.


Ha re le moloko wa Modimo, ha re a tshwanela re ka lekanya hore Modimo o ka tshwana le kgauta, leha e le silefera, leha e le lejwe le betlilweng ka masene le ka kgopolo ya motho.


ke ho re, Modimo o ne o le ho Kreste, ha o busetsa lefatshe kgotsong ho wona ka ho se balle batho dibe tsa bona, mme o kentse ho rona polelo ya poelano.


Hobane botlalo kaofela bo ratile ho ikahela ka ho yena;


Mme ruri sephiri sa borapedi se seholo: o bonahetse nameng, o lokiseditswe ke Moya, o bonwe ke mangeloi, o boletswe hara ditjhaba, o dumetswe lefatsheng, o phahamiseditswe kganyeng.


re ntse re lebeletse tshepo e lehlohonolo, le ho hlaha ha kganya ya Modimo o moholo, Jesu Kreste, Mmoloki wa rona;


Re a tseba hape hoba Mora Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tsebe Wa nnete; mme re ho Wa nnete, ho Mora wa wona Jesu Kreste; ke yena e leng Modimo wa nnete le bophelo bo sa feleng.


Hobane ho le ba bararo bao e leng dipaki:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos