Davida a eketsa a re ho Abishai le ho bahlanka ba hae bohle: Bonang, ha esita mora ka ya tswileng maleng ho nna, a pheheletse ho mpolaya, Mobenjamine eo o tshwanetse ho mo fetisa hakakang! Mo tloheleng, a nne a rohake, etswe Jehova a mo laetse.
Mattheu 10:21 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ngwanabo motho o tla neela ngwanabo polaong, le ntata motho a etse ngwana hae jwalo; bana ba tla tsohela batswadi ba bona matla, ba ba bolaye. BIBELE “Motho o tla neelana ka ngwanabo hore a bolawe, ngwana ka ntatae; bana ba tla fetohela batswadi, ba etse hore ba bolawe. Baasraak Sotho NT Ngwanabo motho o tla nehelana ka ngwanabo lefung, le ntata motho a nehelane ka ngwana lefung, mme bana ba tla tsohela batswadi ba bona matla, ba ba bolaye. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ngwanabo motho o tla nehelana ka ngwanabo lefung, le ntata motho a nehelane ka ngwana lefung, mme bana ba tla tsohela batswadi ba bona matla, ba ba bolaye. |
Davida a eketsa a re ho Abishai le ho bahlanka ba hae bohle: Bonang, ha esita mora ka ya tswileng maleng ho nna, a pheheletse ho mpolaya, Mobenjamine eo o tshwanetse ho mo fetisa hakakang! Mo tloheleng, a nne a rohake, etswe Jehova a mo laetse.
Ke tshabeha ho bao ke kunutang le bona, bao ke neng ke ba rata ba fetohile dira ho nna.
Ke tla tsosa Moegepeta, a lwantshe Moegepeta, ba tle be lwantshane, motho a lwane le wa habo, motswalle le motswalle, motse le motse, mmuso le mmuso.
Ha ho ka ba e mong ya sa ntseng a porofeta, ntatae le mmae ba mo tswetseng ba tla re ho yena: O ke ke wa phela, hobane o boletse leshano ka lebitso la Jehova! Mme ntatae le mmae ba mo tswetseng ba tla mo hlaba, ka baka la ho porofeta ha hae.