Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 16:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Davida a eketsa a re ho Abishai le ho bahlanka ba hae bohle: Bonang, ha esita mora ka ya tswileng maleng ho nna, a pheheletse ho mpolaya, Mobenjamine eo o tshwanetse ho mo fetisa hakakang! Mo tloheleng, a nne a rohake, etswe Jehova a mo laetse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Davida a re ho Abishai, le ho bahlanka ba hae bohle: “Haesita mora wa ka, ya tswileng lethekeng la ka, e le yena ya batlang ho mpolaya, jwale le re Mobenjamine eo yena a ke ke a tjhatjhehela ho mpolaya hobaneng? Mo tloheleng a hlapaolane, hobane Morena o mo laetse jwalo.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 16:11
14 Referencias Cruzadas  

Yaba ke moo lentswe la Jehova le fihlang ho yena, la re: Enwa a ke ke a ja lefa la hao, empa ya tlang ho tswa lethekeng la hao, ke yena ya tlang ho ja lefa la hao.


Mme jwale, le se ke la tsieleha, la itlhonamela ka hoba la na la rekisa ka nna, ka tla kwano, hobane Modimo o nthomile kapele ho lona hore ke tle ke le pholose.


Bakeng sena, ha hlaha monna wa Beliale, bitso la hae e le Sheba, mora Bikri, monna wa Benjamine; a letsa terompeta, a re: Ha re na kabelo ho Davida, hape ha re na lefa ho mora Jese; oho Iseraele, e mong le e mong a boele tenteng ya hae.


morena a re ho moporofeta Nathane: Bona hle, nna ke ahile tlung ya dikedare, athe areka ya Modimo e dutse tlasa masela.


Teng, ha a kgumamile tlung ya Nisroke, modimo wa hae, Adrammeleke le Sharetsere ba mmolaya ka lerumo. Ba tshabela lefatsheng la Ararate; yaba Esare-Haddone, mora hae, e ba morena tulong tsa hae.


Yaba Jehova o romela lengeloi, la ya la timetsa banna ba bahale, le balaodi, le matona a diahelong tsa morena wa Assiria, mme Sankeribe a kgutlela naheng ya hae a hlabilwe ke dihlong. Teng, eitse ha a kene tlung ya modimo wa hae, ba tswileng thekeng la hae ba mmolaya ka sabole.


Bona, ba tla rohaka, empa wena, o tla hlohonolofatsa; ha ba tsoha, ba tla tsieleha, mohlanka wa hao a ithabele.


Leha moporofeta a ka thetswa, a ba a bua polelo, e tla ba nna, Jehova, ke thetsitseng moporofeta eo; ke tla mo otlollela letsoho la ka, ke tle ke mo timeletse setjhabeng sa ka sa Iseraele.


Ke kahoo nkileng ka ba nea dikomelo tse neng di se ntle, le melao e ke keng ya phedisa.


Ngwanabo motho o tla neela ngwanabo polaong, le ntata motho a etse ngwana hae jwalo; bana ba tla tsohela batswadi ba bona matla, ba ba bolaye.


Morena, monga ka, a ke a mamele taba tsa mohlanka wa hae jwale; ha ekaba ke Jehova ya o tsoseditseng nna, a ke a dumele sehlabelo; haeba ke batho, ba ke ba rohakwe pela Jehova, hobane kajeno ba ntelekile hore ke se ke ka kgomarela tjhaba sa lefa la Jehova; ba re, ke ye, ke sebeletse medimo esele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos