Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 16:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Morena a re: Ke na le taba efe le lona, bara ba Tseruja? A nne a rohakane bo! Ha Jehova a mmoleletse hore a rohake Davida, ke mang ya ka reng ho yena: O etsetsang jwalo?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Kgosi ya re: “Taba ya ka le lona ke efe, lona bara ba Seruya? Mo tloheleng a nne a hlapaolane, hobane Morena o itse ho yena: ‘Hlapaola Davida!’ Jwale ke mang ya ka reng ho yena: ‘Ke hobaneng ha o etsa tjee?’ ”

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 16:10
21 Referencias Cruzadas  

Lona, le na be le hopotse ho nketsa hampe, kanthe Modimo o rerile molemo, hore o etse se hlahileng kajeno lena, o pholose tjhaba se sengata.


Davida a re: Ke na le taba efe le lona, bara ba Tseruja, hore le ipee ba nkganyetsang kajeno lena na? Ana kajeno ho ka bolawa motho Iseraeleng na? Ha ke re, ke tsebile kajeno hobane ke nna morena wa Iseraele na?


Ebile morena o re ho Shimei: Ha o ka ke wa shwa. Mme morena a mo hlapanyetsa jwalo.


Ke fokotse kajeno, leha ke le morena ya tlotsitsweng; haele banna bao, bara ba Tseruja, ba ntlhola; empa Jehova o tla putsa ya etsang bobe ka bobe ba hae.


Mmae a re ho Elia: Taba ya ka ke efe le wena, monna wa Modimo? Hleka o tlile ho nna ho nkgopotsa sebe sa ka le ho bolaya mora wa ka na?


Hape, o tseba seo Joabe, mora Tseruja, a nkentseng sona, e leng seo a se entseng balaodi ba babedi ba makgotla a Iseraele, Abnere mora Nere, le Amasa mora Jethere, kamoo a ba bolaileng kateng, a tsholla kgotsong madi a ka tshollwang ntweng, a qaphaletsa senyepa sa hae se thekeng la hae, le dieta tsa hae tse maotong a hae ka madi a ka tshollwang ntweng.


Hleka o re, ke tlile jwale kantle ho Jehova hore ke lwantshe setsha sena, ke se fedise? Jehova ke yena ya itseng ho nna: Ya lwantsha fatshe leo, o le fedise.


Bona, o ntshwere: o ka thibelwa ke mang? Ke mang ya tla re ho wona: O etsang?


Ke a kgutsa, ha ke ahlamise molomo, hobane ke wena ya sebetsang.


etswe lentswe la morena le le matla, mme ke mang ya tla re ho yena: O etsang?


Ke mang ya ka bolelang taba e ka etsahalang, ha Morena a sa laele?


Baahi bohle ba lefatshe ba jwaloka lefeela pela hae, o etsa ka makgotla a lehodimo le ka baahi ba lefatshe kamoo a ratang kateng, ha ho e mong ya ka thibelang letsoho la hae, a re ho yena: O etsang na?


Jesu a reteleha, a re ho Petrose: Tloha ho nna, Satane, o kgopiso ho nna, hobane ha o utlwe tsa Modimo, o utlwa tsa batho feela.


Ba howa, ba re: Taba ya rona le wena keng, Mora wa Modimo? Na o tlile mona ho re hlokofatsa, e eso ho be nako ya teng na?


Yaba Jesu o re ho Petrose: Busetsa sabole ya hao selateng; na nke ke ka nwa senwelo seo ke se neilweng ke Ntate?


Empa wena motho, o mang ha o tsekisa Modimo? Na ntho e bopilweng e ka re ho ya e bopileng: O ne o nketsetsang jwalo na?


enereha a rohakwa, o ne a sa rohake; ha a ne a utlwiswa bohloko, o ne a sa bope; empa o ne a tshepa ya ahlolang ka ho loka;


Morena, monga ka, a ke a mamele taba tsa mohlanka wa hae jwale; ha ekaba ke Jehova ya o tsoseditseng nna, a ke a dumele sehlabelo; haeba ke batho, ba ke ba rohakwe pela Jehova, hobane kajeno ba ntelekile hore ke se ke ka kgomarela tjhaba sa lefa la Jehova; ba re, ke ye, ke sebeletse medimo esele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos