Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 16:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ebile Abishai, mora Tseruja, o re ho morena: Ana ntja eo e shweleng e rohakelang morena, monga ka? O ntumelle ke ye, ke mo kgaole hlooho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Yaba Abishai, mora wa Seruya, o re ho kgosi: “Ke hobaneng ha ntja e shweleng ee, e ntse e hlapaola monga ka, kgosi? Ako ntumelle nke ke ye ho yona, ke yo e kgaola hloohwana ena!”

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 16:9
13 Referencias Cruzadas  

Empa Abishai, mora Tseruja, a re: Ha ke re, Shimei, o loketse ho shwa, hobane o kile a rohaka motlotsuwa wa Jehova na?


Davida a re: Ke na le taba efe le lona, bara ba Tseruja, hore le ipee ba nkganyetsang kajeno lena na? Ana kajeno ho ka bolawa motho Iseraeleng na? Ha ke re, ke tsebile kajeno hobane ke nna morena wa Iseraele na?


Joabe le Abishai ngwanabo ba bolaya Abnere jwalo, e le ka baka la hobane a bolaile Asaele moena bona, ntweng, Gibeone.


Abnere a halefa haholo ke polelo tsa Ishe-Boshethe, a re: Na o re, ke hlooho ya ntja e sebeletsang Juda? Le kajeno, ke ntse ke etsetsa ntlo ya ntatao Saule, le banababo, le bahabo, ka mohau; hape, ha ke a ka ka o neela matsohong a Davida! Leha ho le jwalo o ntjarisa molato kajeno ka mosadi enwa na?


Ebile Mefiboshethe o kgumama, a re: Mohlanka wa hao keng, ha o tadimile ntja e shweleng, jwalokaha ke le yona na?


O se ke wa rohaka Modimo wa hao; hape, o se ke wa nyefola morena wa setjhaba sa heno.


Barutuwa ba hae, boJakobo le Johanne, yare ha ba bona hoo, ba re: Morena, na o rata ha re ka re, mollo o theohe lehodimong, o ba tjhese, jwalokaha Elia a entse le yena na?


Pauluse a re: Banabeso, ke ne ke sa tsebe hoba ke moprista e moholo; hobane ho ngodilwe, ho thwe: O se ke wa bua hampe ka morena wa setjhaba sa heno.


Hlomphang batho bohle; ratang banababo lona bohle; tshabang Modimo; hlomphang morena wa setjhaba.


Morena wa Iseraele o tswile ho batla mang? O phallela mang? O phalletse ntja e shweleng, kapa letsetse!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos