Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 16:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Jehova a busetse ho wena madi wohle a ntlo ya Saule, eo o ikentseng morena tulong tsa hae. Jehova o neile mora hao Absalome mmuso, mme bona, o tshwasitswe ke bobe ba hao, etswe o le motho ya madi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Morena o o ahlolela madi wohle ao o a tsholotseng, a bana ba ntlo ya Saule, eo o ikgapetseng mmuso wa hae; jwale Morena o neile mora wa hao, Abosalome, mmuso ona, mme wena o kgatilwe ke bokgopo ba hao, hobane o mmolai!”

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 16:8
18 Referencias Cruzadas  

Davida a re ho yena: Madi a hao a be hloohong ya hao, hobane o ikahlotse ka molomo wa hao, ha o itse, ke wena ya bolaileng motlotsuwa wa Jehova.


a re ho morena: Oho monghadi, o se ke wa mpea molato, le ho hopola o se ke wa hopola kamoo mohlanka wa hao a kileng a o sitelwa kateng, mohla morena, monga ka, a neng a tlohile Jerusalema; morena a se ke a elellwa taba eo pelong ya hae;


Empa Abishai, mora Tseruja, a re: Ha ke re, Shimei, o loketse ho shwa, hobane o kile a rohaka motlotsuwa wa Jehova na?


Mehleng ya Davida, tlala ya eba teng ka dilemo tse tharo tse hlahlamanang. Davida a botsa Jehova; mme Jehova a re: Ke ka baka la Saule le la ntlo ya hae e madi, kamoo a kileng a bolaya ba Gibeone kateng.


a ba neela matsohong a ba Gibeone, mme ba ba fanyeha thabeng pela Jehova. Bao ba supileng ba eshwa jwalo hammoho, ba bolawa nakong ya ho kotula, matsatsing a pele ha batho ba qala ho hela harese.


Hape, o na le Shimei, mora Gera, Mobenjamine wa Bahurime; ke yena ya kileng a nthohaka ka hlapa e bohloko, mohla ke yang Mahanaime. Empa eitse ha ke kgutla, a theoha ho nkgahlanyetsa Jordane; teng, ka mo hlapanyetsa ka Jehova, ka re: Nke ke ka o bolaya ka lerumo.


Ba bangata hakakang ba reng bakeng sa moya wa ka: Ha a sa na polokeho ho Modimo. (Sela.)


Lona bana ba batho, kganya ya ka le tla e fetola sesomo, le rate bosawana, le tiise leshano ho le hokae na? (Sela.)


ha ke utlwa lentswe la sera, ke le katlasa botubo ba molotsana; hobane ba ntshela ka bobe, ba ntlhorisa ka bohale.


ha ke lefetse ka bobe ya neng a phela le nna ka kgotso, ha ke hlobodisitse ya ntlhoileng feela,


Jwaloka nonyana ha e fofafofela mona le mane, le lefokotsane ha le okaokela feela, ho jwalo thohako ya lefeela, ha e sebetse letho.


Erekaha ba tsholotse madi a bahalaledi le a baporofeta, o ba file madi ho nwa; hobane ho ba loketse.


e le hore molato wa polao ya bara ba Jerubbaale ba mashome a supileng, le madi a bona a busetswe ho ngwanabo bona Abimeleke ya ba bolaileng, le ho beng ba Sikeme ba mo thusitseng ho bolaya banababo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos