Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 16:9 - BIBELE

9 Yaba Abishai, mora wa Seruya, o re ho kgosi: “Ke hobaneng ha ntja e shweleng ee, e ntse e hlapaola monga ka, kgosi? Ako ntumelle nke ke ye ho yona, ke yo e kgaola hloohwana ena!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ebile Abishai, mora Tseruja, o re ho morena: Ana ntja eo e shweleng e rohakelang morena, monga ka? O ntumelle ke ye, ke mo kgaole hlooho.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 16:9
13 Referencias Cruzadas  

Jwale Abishai, mora wa Seruya, a araba, a re: “Eka kgona Shimei a bolaelwe taba ena, hobane o ne a hlapaole motlotsuwa wa Morena!”


Yaba Davida o re: “Ekaba taba ya ka le lona, bara ba Seruya, ke efe, ha e le moo kajeno le se le le dira tsa ka? Ka letsatsi lena ha ho motho ya tla bolawa naheng ena ya Iseraele, hobane kajeno ke a tseba hore ke nna kgosi ya Iseraele.”


Ka mokgwa o jwalo Joabe le ngwanabo Abishai ba bolaya Abinere, hobane o ne a ile a bolaya ngwanabo bona Asaele, ha ba le ntweng Gibeone.


Jwale Abinere a halefiswa haholo ke mantswe ao a Ishe-Boshete, mme a re: “Na nna ke ntja e lefuwang ka lesapo naheng ee ya Juda? Ke ile ka tshepahala ho ba lelapa la ntatao Saule, le ho bana babo, le ho metswalle ya hae; ebile ha ke a neelana ka wena matsohong a Davida; feela o nqosa ka phoso ya ho bokana le mosadi eo!


Mefiboshete a obama, a re: “Ebe nna, mohlanka wa hao, ke eng, hoo o ka tsotellang ntja e shweleng, e kang nna tjee?”


“O se ke wa nyefola Modimo, mme o se ke wa rohaka mmusi wa setjhaba sa heno.


Yare ha barutuwa ba hae, Jakobo le Johanne, ba bona hoo, ba re: “Morena, na o rata hore re re mollo o theohe lehodimong, o ba fedise?”


Paulosi a re: “Bana beso, ke ne ke sa tsebe hore ke Moprista e Moholo, hobane ho ngotswe, ho thwe: ‘O se ke wa bua mmusi wa setjhaba sa heno hampe.’ ”


Hlomphang batho bohle, ratang badumedi, tshabang Modimo, hlomphang kgosi.


“Ke mang eo kgosi ya Iseraele e tswileng bosele ka baka la hae? Ke mang eo e mo phaladisang? E phaladisa ntja e shweleng, kapa letsetse!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos