Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 10:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Hobane e ke ke ya eba lona le buang, empa e tla ba Moya wa Ntata lona o buang ka lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 hobane ho tla be ho sa bue lona, empa e tla be e le Moya wa Ntata lona o buang ka lona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

20 Hobane ha se lona ba buang, empa ke Moya wa Ntata lona o buang ka lona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Hobane ha se lona ba buang, empa ke Moya wa Ntata lona o buang ka lona.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 10:20
18 Referencias Cruzadas  

Moya wa Jehova o bua ka nna, lentswe la hae le lelemeng la ka.


Tsamaya he jwale, mme etlaba nna ke bang le molomo wa hao; mme ke tla o ruta seo o tla se bolela.


Hobane ntho tseo tsohle ke tse batlwang ke bahetene; empa Ntata lona ya mahodimong o tseba hoba le hloka dintho tseo tsohle.


Athe yena Davida o boletse ka Moya o Halalelang, a re: Morena o itse ho Morena wa ka: Dula letsohong la ka le letona, ke be ke bee bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao.


Mme ha esita lona ba lonya, le tseba ho nea bana ba lona dintho tse molemo, Ntata lona ya lehodimong o tla fetisisa hakakang ka ho nea Moya o Halalelang ho ba o kopang ho yena!


hobane Moya o Halalelang o tla le ruta, ka yona nako eo, seo le tshwanetseng ho se bolela.


hobane nna, ke tla le nea molomo le bohlale boo ba ipeileng dira ho lona ba tla sitwa ho bo fetola le ho bo hanyetsa.


Yaba Saule, eo lebitso le leng la hae e leng Pauluse, o tlala Moya o Halalelang; a mo tjamela,


Mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo disele, kamoo Moya o ba buisang kateng.


Hobane ba fapane ba tloha, Pauluse a ba boleletse taba ena e le nngwe, a re: Moya o Halalelang o boletse hantle ka molomo wa moporofeta Esaia ho bontata rona,


Yaba Petrose, a tletse Moya o Halalelang, o ba bolella, a re: Marena a setjhaba, le lona baholo ba Iseraele,


Ba mpa ba sitwa ho hanyetsa bohlale ba hae le Moya oo a buang ka wona.


haele moo le batla pontsho e le kgodisang hore Kreste o bua ka nna, athe yena ha a le fokolla, empa o matla hara lona.


Ka baka leo, le rona ha re phetse ho leboha Modimo kahobane, mohla le amohetseng lentswe la Modimo, leo le le utlwileng ho rona, le le amohetse e seng jwaloka hoja e le lentswe la batho, empa la kgolwa hore ke lentswe la Modimo, jwalokaha e le lona ka sebele, le sebetsang ka ho lona ba dumetseng.


Mme ba senoletswe hoba e ne e se ka baka la bona, empa e le ka baka la lona, ba neng ba beilwe basebetsi ba tseo le di behetsweng jwaloka ba le boleletseng Evangeli, ka Moya o Halalelang, o romilweng o etswa lehodimong, e leng tseo mangeloi a lakatsang haholo ho nyarela hara tsona.


Hobane haesale, boporofeta ha bo a ka ba tliswa ke ho rata ha motho, empa ke ka tshusumetso ya Moya o Halalelang batho ba halalelang ba Modimo ba buileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos