Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 10:21 - BIBELE

21 “Motho o tla neelana ka ngwanabo hore a bolawe, ngwana ka ntatae; bana ba tla fetohela batswadi, ba etse hore ba bolawe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ngwanabo motho o tla neela ngwanabo polaong, le ntata motho a etse ngwana hae jwalo; bana ba tla tsohela batswadi ba bona matla, ba ba bolaye.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

21 Ngwanabo motho o tla nehelana ka ngwanabo lefung, le ntata motho a nehelane ka ngwana lefung, mme bana ba tla tsohela batswadi ba bona matla, ba ba bolaye.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Ngwanabo motho o tla nehelana ka ngwanabo lefung, le ntata motho a nehelane ka ngwana lefung, mme bana ba tla tsohela batswadi ba bona matla, ba ba bolaye.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 10:21
12 Referencias Cruzadas  

Davida a re ho Abishai, le ho bahlanka ba hae bohle: “Haesita mora wa ka, ya tswileng lethekeng la ka, e le yena ya batlang ho mpolaya, jwale le re Mobenjamine eo yena a ke ke a tjhatjhehela ho mpolaya hobaneng? Mo tloheleng a hlapaolane, hobane Morena o mo laetse jwalo.


Ba ntshanang se inong le nna ba a nnyonya, ke furaletswe le ke baratuwa ba ka.


O duletse ho bua ngwaneno hampe; o silafatsa ngwana mmao.


“Ke tla qabanya Moegepeta le Moegepeta, ngwanabo motho a lwantshane le ngwanabo, motho a lwantshane le ya ahisaneng le yena, motse o futuhele motse, mmuso o futuhele o mong.


Haeba ho ena le e mong ya ka nnang a porofeta, bo-ntatae le mmae ba mo tswetseng ba tla bua ho yena, ba re: ‘O ke ke wa phela, hobane o bua leshano ka lebitso la Morena.’ Bo-ntatae le mmae ba tla mmolaya a ntsa porofeta.


Jwale ba bangata ba tla wa, ba ekane, ba hloyane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos