Yaba Davida o romela ho botsa tsa mosadi eo. Ha thwe: Na hase Bathe-Sheba, moradi wa Eliame, mosadi wa Uria, Mohethe na?
Mattheu 1:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jese a tswala morena Davida. BIBELE Jese a tswala kgosi Davida. Davida a tswala Solomone ka mohatsa Uriya, Baasraak Sotho NT UJese oazala morena; Ke hore morena oazalai ke hona; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 UJese oazala morena; Ke hore morena oazalai ke hona; |
Yaba Davida o romela ho botsa tsa mosadi eo. Ha thwe: Na hase Bathe-Sheba, moradi wa Eliame, mosadi wa Uria, Mohethe na?
Mantswe a mang a Davida a ho qetella ke wona ana: Ho bolela Davida, mora Jese; ho bolela monna ya phahamiseditsweng hodimo, motlotsuwa wa Modimo wa Jakobo, moroki ya kgahlehang wa Iseraele.
Ha eba jwalo, kahobane Davida a ne a entse tse lokileng mahlong a Jehova, a sa ka a kgeloha taba le e nngwe ya tsohle tseo a mo laetseng tsona, tshiung tsohle tsa ho phela ha hae, haese tabeng ya Uria Mohethe feela.
Ke ana mabitso a bao a ba tswaletsweng a le Jerusalema: ke Shammua, le Shobabe, le Nathane, le Salomone;
Mme hara bara ba ka kaofela — hobane Jehova o nneile bara ba bangata — o kgethile mora ka Salomone, hore a dule teroneng ya mmuso wa Jehova Iseraeleng.
Bao a ba tswaletsweng a le Jerusalema ke bana: ke Shimea, Shobabe, Nathane, le Salomone, ba bane ke ba Bathe-Shua, moradi wa Ammiele;
Empa lekala le tla tswa kutung ya Jese, lehlomela le hlomele metsong ya hae, le behang ditholwana.
Salmone a tswala Boase, ka Rahaba; Boase a tswala Obede, ka Ruthe; Obede a tswala Jese;
Hobane se neng se sita molao, ke ho fokodiswa ke nama, Modimo o se entse ha o romile Mora wa wona ka nama e tshwanang le ya baetsadibe, le ka baka la sebe, mme o tswile sebe nameng;
Yaba Jehova o re ho Samuele: O tla hlomohela Saule ho le hokae, athe ke mo lahlile, hore e se hlole e eba morena wa Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ole, o ye, ke o rome ho Jese wa Bethlehema, hobane ke iponetse morena hara bara ba hae.
Haele Davida, e ne e le mora Moefrata eo wa Bethlehema wa Juda, eo lebitso la hae e leng Jese; o ne a na le bara ba robileng meno e le mmedi; e ne e se e le monna ya tsofetseng hara banna ba bang mehleng ya Saule.
Saule a re ho Yena: Mohlankana, o mora mang? Davida a re: Ke mora mohlanka wa hao Jese, wa Bethlehema.
haele moo le dumellane kaofela ha lona ho nkwenehela, ho se le a mong ya ntsebisang hobane le mora ka o hlabile selekane le mora Jese, ho se le a mong wa lona ya nkutlwelang bohloko, leha e le ya ntsebisang hobane mora ka o ntsoseditse mohlanka wa ka ho ntalla, jwalokaha ho le jwale na?