Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 17:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Haele Davida, e ne e le mora Moefrata eo wa Bethlehema wa Juda, eo lebitso la hae e leng Jese; o ne a na le bara ba robileng meno e le mmedi; e ne e se e le monna ya tsofetseng hara banna ba bang mehleng ya Saule.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Davida e ne e le mora wa Moeferata wa Betlelehema e Juda, eo lebitso la hae e neng e le Jese, ya neng a ena le bara ba robedi. Mehleng ya Saule, Jese o ne a se a tsofetse, e le e mong wa maqheku.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 17:12
18 Referencias Cruzadas  

Ragele a shwa jwalo, mme a epelwa tseleng e yang Efrata, e leng yena Bethlehema.


Mantswe a mang a Davida a ho qetella ke wona ana: Ho bolela Davida, mora Jese; ho bolela monna ya phahamiseditsweng hodimo, motlotsuwa wa Modimo wa Jakobo, moroki ya kgahlehang wa Iseraele.


Bona, ra na ra utlwa areka ha e bolelwa Efrata, ra e fumana naheng ya Jaare.


Empa, haele wena, Bethlehema-Efrata, leha o balwa o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla ntswela eo e tla ba morena wa Iseraele, e leng yena ya leng teng esale tshimolohong, esale mehleng e sa qaleng.


Jese a tswala morena Davida.


Jesu eitse ha a tswaletswe Bethlehema wa Judea, mehleng ya morena Heroda, bonang, Ba Bohlale ba botjhabela ba fihla Jerusalema,


Le wena Bethlehema, fatshe la Juda, ha o monyenyane hara metse e meholo ya Juda, hobane ho tla tswa ho wena motsamaisi ya tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele.


Lebitso la monna eo e ne e le Elimeleke, bitso la mosadi wa hae e le Naomi; mabitso a bara ba hae ba babedi e ne e le Mahalone le Kilione; e ne e le ba Efrata ba Bethlehema-Juda. Ba fihla naheng ya Moabe, ba ahella teng.


Jwale basadi ba ahisaneng le yena ba mo rea lebitso, ba re: Naomi o tswaletswe moshanyana! Ba bitsa lebitso la hae Obede (mooki). Ke yena ntata Jese, ntata Davida.


Obede a tswala Jese, Jese a tswala Davida.


Monna e mong o ne a le teng wa Ramathaime-Tsofime, wa thaba ya Efraime, lebitso la hae e le Elkana, mora Jerohame, mora Elihu, mora Thohu, mora Tsufe, Moefrathe.


Yaba Jehova o re ho Samuele: O tla hlomohela Saule ho le hokae, athe ke mo lahlile, hore e se hlole e eba morena wa Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ole, o ye, ke o rome ho Jese wa Bethlehema, hobane ke iponetse morena hara bara ba hae.


E mong wa bahlanka a fetola, a re: Bona, ke bone mora e mong wa Jese wa Bethlehema, ya tsebang ho letsa; hape, ke motho ya matla, ya bohale, motho wa ntwa, ya kelello ditabeng, ya sebopeho se setle, mme Jehova o ho yena.


Saule le Baiseraele bohle ha ba utlwa mantswe a Mofilesta eo, ba tshaba, mme ba tshoha haholo.


Saule a re ho Yena: Mohlankana, o mora mang? Davida a re: Ke mora mohlanka wa hao Jese, wa Bethlehema.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos