Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 22:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 haele moo le dumellane kaofela ha lona ho nkwenehela, ho se le a mong ya ntsebisang hobane le mora ka o hlabile selekane le mora Jese, ho se le a mong wa lona ya nkutlwelang bohloko, leha e le ya ntsebisang hobane mora ka o ntsoseditse mohlanka wa ka ho ntalla, jwalokaha ho le jwale na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 ha e le moo lona bohle le ile la nthera, mme ha se ke ha eba le ya mong ya ntomang tsebe ha mora wa ka le mora wa Jese ba etsa selekane? Ha ho le ya mong wa lona ya nkutlwelang bohloko, kapa ya ntsebisang hore mora wa ka o fuduha mohlanka wa ka hore a ntalle, jwalokaha ho le jwalo kajeno.”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 22:8
12 Referencias Cruzadas  

Pelo ya morena wa Siria ya ferekanngwa ke hoo, a ba a bitsa bahlanka ba hae, a re: Na le ke ke la mpolella hobane ke mang wa rona ya emelang morena wa Iseraele?


Ke moo o itshenolang ho batho, o tiisang thuto eo o ba rutang yona;


Eitse hobane Davida a qetelle ho bua le Saule, pelo ya Jonathane ya holehana le pelo ya Davida, mme Jonathane a mo rata, jwalokaha a ithata.


Ebile Jonathane o hlaba selekane le Davida, hobane a ne a mo rata jwalokaha a ithata.


Jonathane a re ho yena: Tjhe, ha o ka ke wa shwa le ho leka; bona, ntate a ke ke a etsa letho le leholo, kapa le lenyenyane, a sa ntsebise; ntate a ka mpatela taba e kalo jwang? Tjhe, ha ho jwalo.


Jonathane a re ho Davida: eya ka kgotso; re hlapantse ba babedi ka lebitso la Jehova hore Jehova o tla ba mahareng a ka le wena, le mahareng a bana ba ka le bana ba hao ka ho sa feleng.


O etsetse mohlanka wa hao molemo oo, etswe o entse selekane le mohlanka wa hao pela Jehova. Leha ho le jwalo, ha sebe se le teng ho nna, o mpolaye e le wena; hobane ke ha o ka nkisetsang ho ntatao?


Saule a re ho yena: Le dumellane keng le mora Jese ho nkwenehela, kamoo o mo neileng bohobe le sabole kateng, wa ba wa mmotsetsa Modimo, e le hore a tlohe, a tle a ntalle, jwalokaha ho le jwale?


Saule a re: Le ke le hlohonolofatswe ke Jehova, hobane le nkutlwetse bohloko.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos