Mattheu 1:25 - Sesotho 1909/1961 (SO) mme ha a ka a mo tseba, a eso ho belehe mora hae wa letsibolo; mme a mo rea lebitso la Jesu. BIBELE mme ha a a ka a kena dikobong tsa hae ho fihlela a beleha mora; Josefa a mo rea lebitso la Jesu. Baasraak Sotho NT Akamazi o ile a hlahisa dibolo tsa hae; lebitso la lebitso la Jesu. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Akamazi o ile a hlahisa dibolo tsa hae; lebitso la lebitso la Jesu. |
Morwetsana eo o ne a le motle haholo. A boloka morena, a mo sebeletsa; empa morena a se ke a mo tseba.
Nkgethele matsibolo kaofela, tsohle tse qalang mpa hara bana ba Iseraele, leha e le a batho, leha e le a diphoofolo; ke a ka.
O se ke wa dieha ho ntsha lekgetho la seo modiko wa hao o tletseng sona, le la se rothang sehatelong sa hao. O tlo o nnee letsibolo la bara ba hao.
O tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu; hobane ke yena ya tla pholosa setjhaba sa hae dibeng tsa sona.
Yare Josefa ha a tsoha borokong, a etsa kamoo lengeloi la Morena le mo laetseng kateng; a inkela mosadi wa hae;
Matsatsi a robileng meno e le mmedi a ho tla bolotsa ngwana ha a fetile, ba mo rea lebitso la Jesu, leo a neng a le reilwe ke lengeloi, a eso ho emolwe popelong.
a beleha mora wa hae wa letsibolo; a mo phuthela maseleng, mme a mo robatsa sejelong, kahobane ho ne ho se sebaka sa bona tlung ya baeti.
Hobane bao o itsebetseng bona pele, o bile o ba reretse pele, hore ba tla bapa le setshwantsho sa Mora wona, hore yena e tle e be wa letsibolo hara baena ba bangata.