Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 2:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 a beleha mora wa hae wa letsibolo; a mo phuthela maseleng, mme a mo robatsa sejelong, kahobane ho ne ho se sebaka sa bona tlung ya baeti.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 mme a beleha mora wa hae wa letsibolo; a mo phutha ka masela, a mo robatsa ka sejelong, hobane ba ne ba hlokile sebaka tlung ya baeti.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 A tswala mora wa hae wa letsibolo, a mo phuthela ka masela, a mo robatsa sejelong. hobane ho ne ho se sebaka bakeng sa bona ntlong ya baeti.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 A tswala mora wa hae wa letsibolo, a mo phuthela ka masela, a mo robatsa sejelong hobane ho ne ho se sebaka bakeng sa bona ntlong ya baeti.

Ver Capítulo Copiar




Luka 2:7
16 Referencias Cruzadas  

E mong wa bona eitse ha a lokolla mokotla wa hae, a re o fepa esele ya hae moo ho robalwang teng, a bona tjhelete ya hae e dutse molomong wa mokotla wa hae.


yare ha re fihla moo ho robalwang, ra lokolla mekotla ya rona; ra tshoha tjhelete ya e mong le e mong e le molomong wa mokotla wa hae, tjhelete ya rona ka tekanyo ya yona, mme re boetse re e tlisitse matsohong a rona.


Empa nna, ke seboko, ha ke motho; ke mojaradihlong ho batho, le molahluwa wa setjhaba.


Mme ha ba le tseleng, moo ba robalang teng, Jehova a kgahlana le Moshe, a batla ho mmolaya.


Ka baka leo, Morena o tla le fa pontsho, e le yena: Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emmanuele (Modimo o na le rona).


mme ha a ka a mo tseba, a eso ho belehe mora hae wa letsibolo; mme a mo rea lebitso la Jesu.


Na enwa hase mora wa mmetli na? Ha re re, mmae ke ya bitswang Maria? Le banababo na hase Jakobo, le Josefa, le Simone, le Juda na?


Jesu a re ho yena: Diphokojwe di na le mesima, le dinonyana tsa lehodimo di na le matlo; empa Mora motho ha a na moo a ka samelang hlooho ya hae teng.


A atamela, a tlamella maqeba a hae, a a tshela ka ole le ka veine; mme a mmea peleseng ya hae eo a e kaletseng, a mo isa tlung ya baeti, a mo okela teng.


Ba sa le moo, matsatsi a ho beleha ha hae a phetheha;


Ho ne ho le badisa naheng eo, ba phelang metebong, ba lebetse mehlape ya bona bosiu.


Lentswe le ne le etswe nama, mme la aha hara rona le tletse mohau le nnete, mme re bohile kganya ya lona, e kang kganya ya Mora a nnotshi ya tswang ho Ntate.


Hobane le tseba mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hoba, leha a ne a enne, o ne a iketse mofumanehi ka baka la lona, le tle le ene ka bofumanehi ba hae.


Empa nako ha di phethehile, Modimo o romile Mora wona, ya tswetsweng ke mosadi, a hlahetse pusong ya molao,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos