A hoeletsa aletare ka taelo ya Jehova, a re: Wena aletare, aletare, Jehova o re: Bona, ngwana o tla tswallwa ntlo ya Davida, lebitso la hae e le Josiase; o tla hlaba hodima hao baprista ba nqalo tse diphahameng, ba tjhesang dibano hodima hao, le masapo a batho a tla tjheswa hodima hao.
Esekiase a orohela ho bontatae, mme a patwa lebitleng le kahodimo la bana ba Davida, mme Bajuda bohle le baahi ba Jerusalema ba mo hlompha ho shweng ha hae; mme Manasse, mora wa hae, ya eba morena tulong tsa hae.