1 Marena 13:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)2 A hoeletsa aletare ka taelo ya Jehova, a re: Wena aletare, aletare, Jehova o re: Bona, ngwana o tla tswallwa ntlo ya Davida, lebitso la hae e le Josiase; o tla hlaba hodima hao baprista ba nqalo tse diphahameng, ba tjhesang dibano hodima hao, le masapo a batho a tla tjheswa hodima hao. Ver CapítuloBIBELE2 Ho latela taelo ya Morena, moporofeta eo a omanya aletare, a re: “Aletare towe! Aletare towe! Morena o bua tjena: ‘Bona, ho tla tswalwa ngwana tlung ya Davida, mme lebitso la hae e tla ba Josiya. O tla etsetsa Morena mahlabelo ka baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, ba tjhesetsang mokubetso hodima hao. Masapo a batho o tla a tjhesetsa hodima hao.’ ” Ver Capítulo |
Ka selemo sa boroba meno e le mmedi sa puso ya hae, a sa ntsane a le motjha, a qala ho batla Modimo wa Davida ntatae; mme ka lemo sa leshome le metso e mmedi, a qala ho hlwekisa Juda le Jerusalema ka ho tlosa dinqalo tse diphahameng, le diashera, le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse tsholotsweng.