Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Marena 13:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba monna e mong wa Modimo o tloha Juda, ka taelo ya Jehova, a tla Bethele, Jeroboame a ntse a eme pela aletare, a tjhesa dibano.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ka taelo ya Morena, moporofeta wa Modimo, ya tswang naheng ya Juda, a fihla Bethele. A fumana Jeroboame a eme pela aletare, a ntse a tjhesa mokubetso.

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 13:1
23 Referencias Cruzadas  

Empa lentswe la Modimo la tlela Shemaia, monna wa Modimo, la re:


Moporofeta ya neng a mo kgutlisitse tseleng, ha a utlwa, a re: Ke monna wa Modimo ya ikgantsheditseng molomo wa Jehova; Jehova o mo neetse tau; e mo harotse, e mmolaile ka lentswe le boletsweng ke Jehova.


Hobane taba eo a howeleditseng aletare ya Bethele le matlo wohle a nqalo tse diphahameng tse metseng ya Samaria, e fela e tla hlaha ka polelo ya Jehova.


aletare ya petsoha, melora e aletareng ya tsholoha, e le pontsho eo monna wa Modimo a neng a e beile ka taelo ya Jehova.


Hobane ke laetswe jwalo ke lentswe la Jehova, ha thwe: O se ke wa ja bohobe, o se ke wa nwa metsi, mme o se ke wa kgutla ka tsela eo o ileng ka yona.


Ebile e mong wa bara ba baporofeta o re ho molekana hae, ka taelo ya Jehova: Ako nkotle. Motho eo a hana ho mo otla.


Le aletare e Bethele le nqalo e phahameng e neng e entswe ke Jeroboame, mora Nebathe, ya sebisitseng Iseraele, ke re, aletare eo le nqalo e phahameng ya teng, a di qhaqha, a tjhesa nqalo e phahameng, a e tula ya eba lerole; a ntoo tjhesa le ashera ya teng.


Morena a re: Sefika seo ke se bonang ke sang? Batho ba motse ba mmolella, ba re: Ke lebitla la monna wa Modimo ya kileng a tla a etswa Juda, a howelletsa aletare ya Bethele taba tseo o di entseng.


Empa eitse hobane a iphe matla, pelo ya hae ya ikakasa ho fihlela a ba a etsa sebe, a sitelwa Jehova, Modimo wa hae; hobane a kena tempeleng ya Jehova a tle a tjhese dibano aletareng ya dibano.


ba hanela morena Osiase, ba re ho yena: Ha o na tokelo, Osiase, ya ho tjhesetsa Jehova dibano; ke ya baprista, bara ba Aarone, ba kgethetsweng ho di tjhesa. Tswa sehalalelong, hobane o sitilwe, mme ka hona o ke ke wa bona sebaka sa boithoriso ho Jehova Modimo.


Haele taba tse ding tsa Salomone, tsa ho qala ho isa ho tsa ho qetella, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya Nathane moporofeta, le ho ya boporofeta ba Akija wa Silo, le tshenolong ya seboni Iddo bakeng sa Jeroboame, mora Nebathe?


Esita le metse ya Juda le baahi ba Jerusalema, ba tla ya, ba howeletse ho medimo eo ba e tjhesetsang dibano, empa e ke ke ya ba thusa letho tsatsing la tsietsi ya bona.


Ho nka selemong sa leshome le metso e meraro sa puso ya Josiase, mora Amone, morena wa Juda, ho fihlela tsatsing lena e se e le dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro lentswe la Jehova le neng le tle ho nna, mme ke nnile ka le bolella lona, ke bua ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, le mpa le sa ka la mamela.


Bakalde ba lwantshang motse ona, ba tla kena, ba tjhese motse ona, ba o tjhese ka mollo, le wona matlo ao ba tjheseditseng Baale dibano hodima wona, mme ba tsholetse teng medimo esele dino, ba tle ba mphephetse.


Empa haele Bethele, o se hlole o porofeta teng hobane ke nqalo e kgethehileng ya morena; hape, ke yona ntlo ya borena.


Jwale, utlwa lentswe la Jehova, wena o reng: O se ke wa porofeta hodima Iseraele, o se ke wa bua hodima ntlo ya Isaaka;


Hobane, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, le nqalong tsohle dibano di a tjheswa, mahlabelo a hlahisetswa lebitso la ka, e leng mahlabelo a hlwekileng; hobane lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, ho bolela Jehova wa makgotla.


Ke kgopotso ho bana ba Iseraele, hore ho se ke ha eba motho osele, eo e seng wa mofuta wa Aarone, ya atamelang ho hlahisetsa Jehova dibano, esere a tshwana le Kore le letshwele la hae; ha etswa jwalo kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.


Re fela re le bolella ka polelo ya Morena, hore, haele rona ba tlang ho phela le ho salla ho tla ha Morena, re ke ke ra raka ba robetseng.


Ha tla lengeloi le leng, la ema aletareng, le tshwere pitsa ya kgauta ya ho tjhesa dibano, mme la newa dibano tse ngata, hore le di hlahise le merapelo ya bahalaledi bohle aletareng ya kgauta, e pela terone.


Yaba monna e mong wa Modimo o tla ho Eli, a re ho yena: Jehova o re: Ha ke re, nkile ka itshenolela ba ntlo ya ntatao, ha ba sa le Egepeta, ha Faro;


Eo a mpa a re ho Saule: Bona hle, monna wa Modimo o teng motseng wane; ke monna ya hlomphuwang; tsohle tseo a di buang di ye di etsahale; a re ye teng jwale; ekaba o tla re bolella tsela ya rona eo re ka tsamayang ka yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos