Mareka 3:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ba mo ela hloko ho bona ha a tla mo fodisa ka tsatsi la Sabatha, ba tle ba mo qose. BIBELE Batho ba mo tlisa, ho bona hore na o tla mo fodisa ka Sabatha, ba tle ba mo qose. Baasraak Sotho NT Ba mo disa ho bona hore na o tla mo fodisa ka tsatsi la Sabatha; ba tle ba mo qose. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba mo disa ho bona hore na o tla mo fodisa ka tsatsi la Sabatha; ba tle ba mo qose. |
Hobane ke utlwile diketselletso tsa ba bangata; ho ntse ho tshabeha ka nqa tsohle. Ba re: Mo qoseng, re tle re mo qose. Bohle ba neng ba na le kgotso le nna, ba eme lehlakoreng la ka, ba re: Ekaba a ka thetswa, re ka mo hlola, re tle re iphetetse ho yena.
Yaba mahosana le marenana a batla sebaka sa ho qosa Daniele mosebetsing wa mmuso oo a o sebetsang, empa ha a ka a fumana sebaka sa molato, leha e le tlolo, etswe e be e le motho ya tshepehang, mme ho ne ho sa fumanwe tshito ho yena, leha e le bokgopo.
Motho o ne a le teng moo, ya letsoho le omeletseng; ba botsa Jesu, ba re: Ana ho ka lokela ho fodisa ka tsatsi la Sabatha na? Ba rialo, ba batla sebaka sa ho mo qosa.
Ya na yare ha a kene, ka Sabatha, tlung ya e mong wa baholo ba bafarisi ho ja bohobe teng, ba mo ela hloko.
Yaba ba mo ela hloko, ba roma dihlwela, tsa iketsa batho ba lokileng, hore di tle di mo tshwase dipolelong tsa hae, hore ba mo neele matleng le matsohong a mmusisi.
Bangodi le bafarisi ba mo ela hloko ho bona hore na o tla mo fodisa ka Sabatha na, ba tle ba fumane seo ba ka mo qosang ka sona.
Ba bua jwalo ho mo leka, le ho bona seo ba ka mo qosang ka sona. Empa Jesu o ne a ngola fatshe ka monwana a inamile.
Ka baka leo, bafarisi ba bang ba re: Motho eo hase wa Modimo, hobane ha a boloke Sabatha. Ba bang ba re: Motho wa moetsadibe a ka etsa jwang mehlolo e kale ka eo na? Mme phapang e ne e le teng hara bona.