Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 14:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ya na yare ha a kene, ka Sabatha, tlung ya e mong wa baholo ba bafarisi ho ja bohobe teng, ba mo ela hloko.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Eitse ha Jesu a ile dijong tlung ya e mong wa batsamaisi ba Bafarisi ka Sabatha, ba mo disa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Eitse ha a kena tlung ya e mong wa ba baholo ba Bafarisi ka tsatsi la Sabatha, ho ya ja bohobe, batho ba mo disa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Eitse ha a kena tlung ya e mong wa ba baholo ba Bafarisi ka tsatsi la Sabatha, ho ya ja bohobe, batho ba mo disa.

Ver Capítulo Copiar




Luka 14:1
19 Referencias Cruzadas  

E mobe o lalla ya lokileng, o batla a ka mmolaya;


Leha e mong wa bona a ka tla mpona, puo ya hae ke leshano; pelo ya hae e ipokeletse tsa bolotsana; ha a se a tlohile, o ya bo hasa kantle.


Ba rera ho mo diha phahameng ya hae, ba ithabela leshanong; ba boka ka melomo ya bona, empa ba rohaka ka dipelong tsa bona. (Sela.)


Hobane kamoo le nahanang pelong ya lona kateng, le jwalo. Le tla re ho wena: Ja, o nwe; empa pelo ya lona ha e ho wena.


Athe motho o fetisa nku hakakang ka boholo! Ka baka leo, ho loketse ho etsa hantle ka Sabatha.


Ba mo ela hloko ho bona ha a tla mo fodisa ka tsatsi la Sabatha, ba tle ba mo qose.


A re a sa bua, mofarisi e mong a mo rapela, hore a ke a tle ho ja le yena; a ya, a dula dijong.


Mme motho ya kgotsheng seema o ne a le pela hae.


Eitse ha Jesu a botswa ke bafarisi, hore mmuso wa Modimo o tla tla neng, a ba araba, a re: Mmuso wa Modimo ha o tle ka ho lemohuwa.


Yaba ba mo ela hloko, ba roma dihlwela, tsa iketsa batho ba lokileng, hore di tle di mo tshwase dipolelong tsa hae, hore ba mo neele matleng le matsohong a mmusisi.


Bangodi le bafarisi ba mo ela hloko ho bona hore na o tla mo fodisa ka Sabatha na, ba tle ba fumane seo ba ka mo qosang ka sona.


Monna e mong wa bafarisi, e leng kgosana ya Bajuda, o ne a le teng, lebitso la hae e le Nikodema.


Empa mofarisi e mong, ya bitswang Gamaliele, moruti wa molao ya roriswang ke setjhaba kaofela, a ema hara lekgotla, a laela hore baapostola ba ntshetswe ntle motsotswana o se okae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos